Yaba Abrahama o tsoha ka meso, a qhaneha esele ya hae, a nka bahlanka ba babedi le yena, le Isaaka, mora hae; mme a ratha patsi ya setjheso; yaba o tloha, a leba nqalong eo Modimo o mmoletseng yona.
Boya, o re ho Esekiase, modisa wa setjhaba sa ka: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa ntatao Davida: Ke utlwile thapelo ya hao, ke bone le meokgo ya hao; bona, ke tla o fodisa; ka la boraro o tla nyolohela tlung ya Jehova.
Ka tsatsi la boraro, Esthere a apara seaparo sa hae sa bofumahadi, mme a itlhahisa lebaleng le kahare ho ntlo ya morena, kapele ho ntlo ya morena; morena o ne a dutse teroneng ya mmuso wa hae tlung ya borena, maloka le monyako wa ntlo.
Yaba Jehova o re ho Moshe: Eya ho setjhaba, o se hlwekise kajeno le hosasane: ba hlatswe diaparo tsa bona. Ba itokisetse letsatsi la boraro, hobane ka tsatsi la boraro Jehova o tla theohela hodima thaba ya Sinai, mahlong a setjhaba kaofela.
Ba re: Modimo wa Baheberu o itlhahisitse ho rona; ako re dumelle, re tsamaele lefeelleng matsatsi a mararo, re ye ho etsetsa Jehova, Modimo wa rona, sehlabelo, esere mohlomong a re wela hodimo ka lefu, leha e le ka lerumo.
Ba tloha thabeng ya Jehova; ba tsamaya ka matsatsi a mararo; mme areka ya selekane sa Jehova ya ba etella pele sebaka sa matsatsi a mararo, e ba batlele moo ba tla phomola teng.
O tla itlhatswa ka metsi ao ka tsatsi la boraro le ka tsatsi la bosupa, mme o tla hlweka; empa ha a sa itlhatswe ka tsatsi la boraro le la bosupa, a ke ke a hlweka.
Monna eo ya hlwekileng o tla foka ya sa hlwekang ka tsatsi la boraro le la bosupa, mme o tla mo hlwekisa ka tsatsi la bosupa. O tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing; mme mantsiboya o tla hlweka.
Haele lona, salang ka ntle ho diahelo ka matsatsi a supileng; bohle ba ho lona ba bolaileng motho le bohle ba amileng setopo, ba tle ba itlhatswe ka la boraro le ka la bosupa, bona hammoho le batshwaruwa ba bona.
A re ho bona: Eyang, le bolelle phokojwe eo, le re: Bona, ke leleka batemona, mme ke sa fodisa batho kajeno le hosasane; mme ka la boraro ke ya phetheha.
Fetang hara diahelo, le laele setjhaba, le re: Itokisetseng mefaho, hobane matsatsi a sa tla ba mararo, le ntoo tshela Jordane ena, ho ya rua lefatshe leo Jehova, Modimo wa lona, a le neileng lona ho le rua.