Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 22:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Yaba Abrahama o tsoha ka meso, a qhaneha esele ya hae, a nka bahlanka ba babedi le yena, le Isaaka, mora hae; mme a ratha patsi ya setjheso; yaba o tloha, a leba nqalong eo Modimo o mmoletseng yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Aborahama a tsoha ka madungwadungwana, a qhaneha tonki ya hae, a nka ba babedi ba bahlanka ba hae, le mora wa hae, Isaka. A ratha patsi ya setjheso, a nto tsamaya ho ya sebakeng seo Modimo a mmoleletseng sona.

Ver Capítulo Copiar




Genese 22:3
16 Referencias Cruzadas  

Yaba Abrahama o nka Ishmaele, mora wa hae, le bohle ba tswaletsweng tlung ya hae, le bohle ba rekilweng ka tjhelete ya hae, ba batona bohle ba ntlo ya Abrahama, a ba bolotsa ka lona letsatsi leo, kamoo Modimo o mmoleletseng kateng.


Yaba Abrahama o tsoha ka meso, a nka bohobe le sehwana sa metsi, a di nea Agare, a mo jarisa tsona lehetleng, a mo nea le ngwana, mme a mo fa tsela. A tloha a ya phaila lefeelleng la Beerseba.


Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla itlhohonolofatsa lelokong la hao, ka baka la hobane o mametse lentswe la ka.


Wa re: Nka mora wa hao, ya mong ho wena, eo o mo ratang, yena Isaaka; o ye naheng ya Moria, o mo etse teng sehlabelo sa setjheso hodima thaba e nngwe eo ke tlang ho o bolella yona.


Ka tsatsi la boraro, Abrahama a emisa mahlo, a bonela nqalo eo hole.


Ke a phakisa, ha ke diehe ho boloka ditaelo tsa hao.


Tsohle tse fihlelwang ke letsoho la hao hore di ka sebetswa, o di etse ka matla a hao; hobane nqalong ya bafu moo o yang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.


Ya ratang ntatae, leha e le mmae haholo ho nna, ha a ntshwanele; le ya ratang mora hae, leha e le moradi wa hae haholo ho nna, ha a ntshawanele;


Ekare ha e mong a etla ho nna a sa hloye ntatae, le mmae, le mosadi wa hae, le bana ba hae, le banababo, le bokgaitsedie, le bona bophelo ba hae, o sitwa ho ba morutuwa wa ka.


ho senolela ka ho nna Mora wa wona, ke tle ke mmolele hara baditjhaba, ha ke a ka ka botsa nama, leha e le madi;


Ka tumelo, Abrahama, mohla a bitswang, o kile a utlwa, a fallela naheng eo a tlang ho e newa ka mokgwa wa lefa, mme a falla a sa tsebe moo a yang teng.


Joshua a tsoha e sa le hosasa; ba tloha Shittime, ba tla Jordane, yena, le bana bohle ba Iseraele, mme ba robala teng ba eso ho tshele.


Joshua a tsoha e sa le ka meso, a hlahloba setjhaba, mme a nyolohela Ai, a ena le baholo ba Iseraele, a eteletse setjhaba pele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos