Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 22:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Wa re: Nka mora wa hao, ya mong ho wena, eo o mo ratang, yena Isaaka; o ye naheng ya Moria, o mo etse teng sehlabelo sa setjheso hodima thaba e nngwe eo ke tlang ho o bolella yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Modimo a re: “Jwale nka mora wa hao ya mong feela, eo o mo ratang, Isaka, o ye naheng ya Moria, mme ka yena o etse sehlabelo sa setjheso, hodima e nngwe ya dithaba, eo ke tla o supisa yona.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 22:2
18 Referencias Cruzadas  

Modimo wa re: Tjhe, Sara, mosadi wa hao, o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Isaaka; ke tla tiisa selekane sa ka le yena, le leloko la hae le kamora hae, e be selekane se sa feleng.


Yaba Modimo o re ho Abrahama: Ho se ke ha eba bohloko ho wena bakeng sa moshanyana le sa lekgabunyane la hao; polelo tsohle tseo Sara a o bolellang tsona, o mpe o di mamele, hobane ka Isaaka ho tla tswa lesika le tla reellwa wena.


Abrahama a rea mora wa hae, eo a mo tswaletseng, eo Sara a mo tswaletseng yena, lebitso la Isaaka.


La re: Se ise letsoho la hao ho moshanyana, o se ke wa mo etsa letho; hobane jwale, ke a tseba hoba o tshaba Modimo, ha o sa ka wa nkganela le mora wa hao, ya mong ho wena.


la re: Ho thwe ke Jehova: Ke hlapantse ka nna hore, ka baka la hobane o entse taba eo, o sa ka wa nkganela le mora wa hao, ya mong ho wena,


Yaba Abrahama o tsoha ka meso, a qhaneha esele ya hae, a nka bahlanka ba babedi le yena, le Isaaka, mora hae; mme a ratha patsi ya setjheso; yaba o tloha, a leba nqalong eo Modimo o mmoletseng yona.


Jwale ba fihla nqalong eo Modimo o mmoleletseng yona. Abrahama a haha aletare teng, a lokisa patsi; a tlama Isaaka, mora hae, a mmea aletareng hodima patsi.


Yaba Nowe o hahela Jehova aletare, mme ho diphoofolo tsohle tse hlwekileng, le ho dinonyana tsohle tse hlwekileng, a nka tse ding, a di etsa setjheso aletareng.


Yaba o nka mora hae wa letsibolo, ya beng a tshwanetse ho mo hlahlama boreneng, a mo etsa sehlabelo sa setjheso hodima lerako. Yaba Baiseraele ba halefelwa haholo, ba ba ba tloha, ba boela naheng ya bona.


Yaba Salomone o qala ho haha ntlo ya Jehova, Jerusalema, thabeng ya Moria, e neng e supiswe ntatae Davida, setsheng sona seo Davida a neng a se lokisitse seotlong sa Ornane Mojebuse.


Na Jehova o tla kgahlwa ke pheleu tse dikete, ke mashome a dikete a dinoka tsa ole? A ke tla ntsha mora wa ka wa letsibolo bakeng sa bokgopo ba ka, ke ntshe ya tswileng maleng a ka bakeng sa sebe sa moya wa ka na?


Hobane Modimo o ratile lefatshe hakalo, o bile wa le nea Mora wa wona ya tswetsweng a nnotshi; hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.


Empa moo Modimo o totisitseng lerato la wona ho rona teng, ke ka hore, re sa le baetsadibe, Kreste o bile a shwa sebakeng sa rona.


Wona o sa kang wa qenehela Mora wa wona wa sebele, wa mpa wa mo tella rona bohle, na o ke ke wa re sitsa ka dintho tsohle le yena na?


Ka tumelo, Abrahama, mohla a lekwang, a hlahisa Isaaka; ya neng a neilwe dipallo, o hlahisitse mora ya mong ho yena;


motho ya tla tswa menyakong ya ntlo ya ka ho tla nkgahlanyetsa, mohla ke kgutlang ka kgotso ke hlotse bana ba Ammone, e tla ba wa Jehova, mme ke tla mo etsa setjheso.


Eitse hobane kgwedi tse pedi di fele, a kgutlela ho ntatae, mme eo a mo etsa ka kano ya hae, a sa ka a tseba monna.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos