Aborahama a tsoha ka madungwadungwana, a qhaneha tonki ya hae, a nka ba babedi ba bahlanka ba hae, le mora wa hae, Isaka. A ratha patsi ya setjheso, a nto tsamaya ho ya sebakeng seo Modimo a mmoleletseng sona.
Aborahama a re ho bahlanka ba hae: “Lona salang mona le tonki. Nna le moshanyana re tla ya mose mane, re yo kgumamela Modimo, ebe re kgutlela ho lona hape.”
“Kgutla, o yo bolella Hesekiya, moetapele wa setjhaba sa ka, o re ho yena: ‘Morena Modimo wa ntataomoholo, Davida, o bua tjena: Ke utlwile thapelo ya hao, mme ke bone meokgo ya hao. Bona, ke tla o fodisa. Ka letsatsi la boraro o tle o nyolohele ka Tempeleng ya Morena.
Ka letsatsi la boraro Esetere a apara seaparo sa hae sa bofumahadi, mme a ya ema kahare ho seotlwana sa ntlo ya kgosi, a tobana le ntlo ya kgosi. Kgosi e ne e dutse teroneng ya yona, ka tlung ya bokgosi, kapele ho monyako wa ntlo.
Jwale Moshe a tlosa Baiseraele Lewatleng la Lehlaka, ba ya lehwatateng la Shure. Ba tsamaya lehwatateng ka matsatsi a mararo, empa ba se ke ba fumana metsi.
Yaba ba re ho yena: “Modimo wa Baheberu o teane le rona; re dumelle jwale, re a kopa, re nke leeto la matsatsi a mararo, re ye lehwatateng, re yo etsetsa Morena Modimo wa rona, sehlabelo, esere a re bolaya ka lefu la sewa, kapa ka sabole.”
Jwale ba tloha thabeng ya Morena, ba tsamaya leeto la matsatsi a mararo. Areka ya selekane sa Morena ya ba etella pele ka matsatsi a mararo, ho ya ba batlela sebaka sa ho phomola.
Ka letsatsi la boraro le la bosupa, monna eo ya hlwekileng o tla foka enwa ya sa hlwekang, mme a mo hlwekise ka letsatsi la bosupa. Monna enwa ya sesila jwale o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme ka phirimana o tla be a hlwekile.
“Mang kapa mang ya bolaileng motho, le mang kapa mang ya amileng setopo, o tla dula kantle ho diahelo ka matsatsi a supileng. Ka letsatsi la boraro, le ka letsatsi la bosupa, lona, le bathopuwa ba lona, le tla itlhwekisa.
A re ho bona: “Eyang, le bolelle phokojwe eo, le re: ‘Bona, kajeno ke leleka bademona, mme ke a fodisa, le hosasane ke tla etsa jwalo, empa ka letsatsi la boraro ke tla be ke qetile.’
“Tsamayang hara diahelo, le laele setjhaba, le re: ‘Ipheheleng mofao, hobane kamora matsatsi a mararo le tla tshela noka ena ya Jorodane, ho ya hapa naha eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona hore e be ya lona.’ ”