Joele 2:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)13 Haholang dipelo tsa lona, e seng diaparo tsa lona, le kgutlele ho Jehova, Modimo wa lona; hobane o mosa, o lereko, o pelo e telele, o atisa ho hauhela, o qenehela bao a itseng o tla ba otla. Ver CapítuloBIBELE13 Pelo tsa lona di ke di swabe, ho ena le ho hahola diaparo tsa lona. Kgutlelang ho Morena, Morena Modimo wa lona, hobane o mosa, o mohau, o dieha ho halefa, o tletse lerato, o hauhela ba etsang bokgopo. Ver Capítulo |
ba hana ho utlwa, mme ha ba ka ba elellwa dimakatso tsa hao tseo o ba etseditseng tsona; ba mpa ba satalatsa melala ya bona, mme boikgantshong ba bona, ba ipeela morena, ba tle ba kgutlele kgolehong ya bona. Empa wena, o Modimo o tletseng tshwarelo le mohau le lereko, o diehang ho halefa, o tletseng kgauhelo; ke kahoo o sa kang wa ba furalla.
Hobane ho itswe ke Mookamedi ya hodimodimo, eo bodulo ba hae e leng bo sa feleng, ya bitswang Mohalaledi: Ke ahile nqalong e phahameng, e halalelang; hape, ke ahile le ya tepeletseng, le motho ya robehileng pelo, ke tle ke pholose meya ya batho ba robehileng dipelo, ke phedise meya ya ba tepeletseng.