Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 15:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Davida eitse ha a fihla hlorong ya thaba moo Modimo o sebeletswang teng, Hushai Moarke a tla mo kgahlanyetsa, a hahotse kobo ya hae, a le dithole hloohong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

32 Ha Davida a se a fihlile kahodima tlhoro ya thaba, moo a neng a tlwaetse ho kgumamella Modimo teng, a bona ho fihla Hushai wa Moareke, seaparo sa hae se hahohile, a itshetse ka lerole hloohong.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 15:32
20 Referencias Cruzadas  

Ka la boraro, ha tshoha ho fihla monna ya tswang ntweng, ho Saule, a hahotse diaparo tsa hae, a ithuntsheditse ka mobu hloohong. Eitse ha a fihla ho Davida, a itihela fatshe, a kgumama.


Tamare a ithuntshetsa melora hloohong, a hahola le kobo e mebalabala eo a e apereng, a bea letsoho la hae hloohong ya hae, a ikela a ntse a bokolla.


Jwale Davida a nyoloha moepeng wa thaba ya Mehlwaare, a hlwa a ntse a lla, hlooho ya hae e kgurumeditswe, a tsamaya, a rotse le dieta, le setjhaba sohle se ho yena se ikgurumeditse dihlooho, se ehlwa se ntse se lla.


Eitse hobane Davida a fete hloro ya thaba hanyenyane, ha fihla Tsiba, mohlanka wa Mefiboshethe, a tla kgahlanyetsa Davida, a tla le diesele tse pedi tse belesitseng makgolo a mabedi a mahobe, le lekgolo la dinkgwana tsa morara wa lengangajane, le lekgolo la mangata a difeiye, le lekuka la veine.


Haele Absalome, o ne a tlile Jerusalema, a ena le setjhaba sohle sa Iseraele, a ena le yena Akitofele.


Absalome a mpa a re: Ha ho ke ho bitswe Hushai Moarke, re utlwe molomo wa hae le yena.


Salomone a hahela le Kemoshe, manyala a Bamoabe, nqalo e phahameng, leralleng le pela Jerusalema, a hahela le Moloke, manyala a bana ba Ammone.


Ke Baana, mora Hushai, naheng ya Asere le Bealothe;


Akitofele e ne e le moeletsi wa morena; Hushai Moarke yena e ne e le motswalle wa morena.


Tsoha, Jehova; o mpoloke, Modimo wa ka; etswe e le wena ya robang mohlahare wa dira tsa ka kaofela, o thuhang meno a bakgopo.


O ntoo bitsa ho nna ka letsatsi la matswalo; ke tla o namolela, mme o tla nkgodisa!


O tla bitsa ho nna, mme ke tla mo araba; ke tla ba haufi le yena matswalong, ke mo ntshe ho wona, ke mo tlotlise.


Eitse ha a atametse Bethefage le Bethania, pela thaba e bitswang ya Mehlwaare, a roma barutuwa ba hae ba le babedi,


o ntoo tloha Bethele, o lebe Luse, ho ya kena moeding wa Baarke, Atharothe.


Ebile monna e mong, wa Mobenjamine, o tloha ntweng, a matha, a tla Silo ka lona tsatsi leo, a hahotse diaparo tsa hae, a le dithole hloohong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos