Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 15:32 - BIBELE

32 Ha Davida a se a fihlile kahodima tlhoro ya thaba, moo a neng a tlwaetse ho kgumamella Modimo teng, a bona ho fihla Hushai wa Moareke, seaparo sa hae se hahohile, a itshetse ka lerole hloohong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Davida eitse ha a fihla hlorong ya thaba moo Modimo o sebeletswang teng, Hushai Moarke a tla mo kgahlanyetsa, a hahotse kobo ya hae, a le dithole hloohong.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 15:32
20 Referencias Cruzadas  

Ka letsatsi la boraro a bona ho fihla monna ya tswang diahelong tsa Saule tsa ntwa, diaparo tsa hae di haraswane, hloohong a itshetse ka mobu. Yare ha a fihla ho Davida a itihela fatshe ho isa hlompho.


Tamare a nka molora, a itshela ka wona hloohong, a hahola seaparo sa hae se mebalabala, seo a neng a se apere, a itshwara hloohong, a tsamaya a ntse a bokolla haholo.


Davida a nyolosa moepa wa Thaba ya Mehlwaare, a ntse a lla. O ne a ikgurumeditse hlooho, a tsamaya a sa rwala letho maotong. Batho bohle ba neng ba ena le yena le bona ba ne ba ikgurumeditse dihlooho, mme ba nyoloha ba ntse ba lla.


Ha Davida a se a fetafetile tlhoro ya thaba, a bona Siba, mohlanka wa Mefiboshete, a etla nqa ho yena, a kganna ditonki tse pedi, tse qhanehilweng. Di ne di bofile dinkgwa tsa bohobe tse makgolo a mabedi, le diphaphatha tse lekgolo tsa mangangajane a morara, le masihla a lekgolo a ditholwana tse jewang hlabula, le lekuka la veine.


Abosalome le setjhaba sohle, le banna ba Iseraele, ba fihla Jerusalema, ba ena le Ahitofele.


Yaba Abosalome o re: “Mpitsetseng le Hushai wa Moareke, re tlo utlwa hore na yena o tla reng.”


Hodima leralla le ka botjhabela ho Jerusalema, Solomone a hahela Kemoshe, e leng manyala a Moabe, le Milekome, e leng manyala a Baamone, aletare ya mahlabelo.


Baana, mora wa Hushai, o ne a le Ashere le Alote;


Ahitofele e ne e le moeletsi wa kgosi; Hushai wa Moarake e le motswalle wa kgosi.


Ha ke tshabe diketekete tsa batho tse ntikileng kamahohle.


Ipiletse ho nna ka nako ya matshwenyeho; ke tla o lopolla, mme wena o tla ntlotlisa.”


Ha a ipiletsa ho nna ke tla mo araba; matshwenyehong ke be le yena, ke mo lopolle, ke mo tlotlise.


Eitse ha a atamela Bethefage le Bethania, pela thaba e bitswang Thaba ya Mehlwaare, a roma ba babedi ba barutuwa,


Moedi wa tloha Bethele ho ya fihla Lose, wa fetela pele ho ya fihla moeding wa Baareki le ho ya fihla Atarote.


Monna wa Mobenjamine wa selahlamarungwana a baleha thekong ya ntwa, a ba a ya fihla Shilo ka lona letsatsi leo. Diaparo tsa hae di ne di tabohile, hlooho ya hae e tshetswe ka lerole.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos