Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 20:41 - Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Eitse hobane mohlankana a tsamaye, Davida a hlaha nqa borwa, a itihela fatshe ka sefahleho, a inama hararo, mme ba akana, ba lla haholo; haholo ha lla Davida.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

41 Hoba moshanyana a tsamaye, Davida a ema, a tloha kamora qubu ya majwe, a itihela fatshe ka sefahleho, a obama kapele ho Jonathane hararo. Bo-Jonathane le Davida ba akana, ba llelana, ho fihlela sello sa Davida se feta sa Jonathane.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 20:41
20 Referencias Cruzadas  

Jakobo a aka Ragele, a phahamisa lentswe la hae, a lla.


Yare ha Labane a utlwa ditaba tsa Jakobo, mora kgaitsedie, a titima, a mo kgahlanyetsa, a mo phothoma, a mo aka, a mo tlisa ka tlung ya hae. Yaba o bolella Labane ditaba tseo kaofela.


Esau a titima ho mo kgahlanyetsa, a mo phothoma a wela molaleng wa hae, a mo aka; mme a lla.


Josefa e ne e le yena ya busang naha, ya rekisang ho batho bohle ba naha; yaba banababo Josefa ba tla, ba inamela fatshe ka difahleho pela Josefa.


Ba re: Mohlanka wa hao, ntata rona, o dutse hantle, o sa ntse a pholohile. Ba inama, ba kgumama.


A ba a aka banababo kaofela, a lla le bona; yaba banababo ba buisana le yena.


Ka la boraro, ha tshoha ho fihla monna ya tswang ntweng, ho Saule, a hahotse diaparo tsa hae, a ithuntsheditse ka mobu hloohong. Eitse ha a fihla ho Davida, a itihela fatshe, a kgumama.


Ke tsielehile ka baka la hao, Jonathane, ngwaneso: o ne o kgahleha ho nna; lerato la hao ho nna e ne e le le makatsang, le fetang lerato la basadi!


Ha ho le jwalo, mosadi eo wa Tekowa a tla, a bua le morena; a fihla a inamela fatshe ka sefahleho, a mo kgumamela, a re: Thusa, morena!


Jwale, setjhaba sohle sa tshela Jordane, le yena morena a tshela, a ntoo aka Barsillai, a mo hlohonolofatsa, Barsillai a ba a ipoella ha hae.


Mefiboshethe, mora Jonathane, mora Saule, ha a fihla pela Davida, a itihela fatshe ka sefahleho, a kgumama. Davida a re: Mefiboshethe! Eo a re: Ke nna mohlanka wa hao!


Bathe-Sheba a kgumama, a inama pela morena. Morena a re: Taba ya hao ke efe?


Ha tsebiswa morena, ha thwe: Moporofeta Nathane ke enwa. A kena ka ho morena, a kgumama fatshe pela morena ka sefahleho.


Bathe-Sheba a inama, a kgumama fatshe ka sefahleho pela morena, a re: Ha ho phele morena Davida, monga ka, kamehla!


Yaba ba tshwarwa bohle ke ho lla haholoholo; ba itihela molaleng wa Pauluse, ba mo aka.


Yaba Samuele o nka lenaka la ole, a le tshollela hloohong ya hae, a mo aka, a re: Ha ke re, Jehova o o tlotseditse hore o be modisa wa setjhaba sa lefa la hae na?


Ebile Jonathane o hlaba selekane le Davida, hobane a ne a mo rata jwalokaha a ithata.


Jwale, Jonathane a nea mohlankana wa hae dibetsa tsa hae, a re ho yena: Tsamaya, o di ise hae.


Davida a re ho Saule: O mamellang mantswe a batho ba reng: Bona, Davida o batla ho o ntsha kotsi?


Abigaile, ha a bona Davida, a phakisa a theoha eseleng, a itihela fatshe ka sefahleho sa hae, a inamela fatshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos