Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 24:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Eitse Arauna ha a tadima, a bona morena le bahlanka ba hae ba etla ho yena. Yaba Arauna o tloha, a ya, a inamela fatshe ka sefahleho pela morena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Ha Arauna a betsetsa mahlo tlase, a bona kgosi le bahlanka ba yona ba etla ho yena. Arauna a atamela, mme a itihela fatshe ka sefahleho ho isa hlompho.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 24:20
7 Referencias Cruzadas  

A emisa mahlo, a tadima, mme a bona banna ba bararo, ba eme pela hae; eitse ha a ba bona, a tloha monyako wa tente ya hae, a titima, a ba kgahlanyetsa, a inamela fatshe,


Ka la boraro, ha tshoha ho fihla monna ya tswang ntweng, ho Saule, a hahotse diaparo tsa hae, a ithuntsheditse ka mobu hloohong. Eitse ha a fihla ho Davida, a itihela fatshe, a kgumama.


Ka polelo ya Gade, Davida a ya, kamoo Jehova a laetseng kateng.


Arauna a re: Morena, monga ka, o tletseng ho mohlanka wa hae? Davida a re: Ke tlile ho reka seotlo ho wena, ke tle ke hahele Jehova aletare teng, hore lefu le tlohe setjhabeng.


Ebile Mefiboshethe o kgumama, a re: Mohlanka wa hao keng, ha o tadimile ntja e shweleng, jwalokaha ke le yona na?


Yaba Ruthe o itihela fatshe ka sefahleho, a mo kgumamela, a re: Ke bone mohau jwang pela hao, ha o nkela hloko; athe ke motho wa ditjhaba?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos