Yare ha a rata ho fetela Akaea, baena ba ngolla barutuwa, ba ba kgothatsa hore ba mo amohele. Eitse ha a fihla ho bona, a thusa haholo ba dumetseng ka mohau wa Modimo.
2 Bakorinthe 3:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hleka re boela re qala ho ikemela na? Kapa a re tshwanela ho batla, jwaloka ba bang, mangolo a re emelang pela lona, leha e le a ka tswang ho lona ho re emela pela ba bang? BIBELE Na re boela re qala ho ikemela? Kapa jwaloka ba bang, re hloka mangolo a re emelang ho lona, kapa a tswang ho lona? Baasraak Sotho NT A re boela re qala ho ithorisa? Kapa na, joalo ka ba bang, re hloka mangolo a bopaki a eang ho lōna, kapa lengolo la bopaki le tsoang ho lōna? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re boela re qala ho ithorisa? Kapa na, joalo ka ba bang, re hloka mangolo a bopaki a eang ho lōna, kapa lengolo la bopaki le tsoang ho lōna? |
Yare ha a rata ho fetela Akaea, baena ba ngolla barutuwa, ba ba kgothatsa hore ba mo amohele. Eitse ha a fihla ho bona, a thusa haholo ba dumetseng ka mohau wa Modimo.
jwalokaha le nna ke kgahlisa bohle nthong tsohle, ke sa ipatlele se tshwanelang nna feela, ke mpa ke batla se tshwanelang ba bangata, ba tle ba bolokehe.
Mme etlare ha ke fihla, ke tla roma ka mangolo bao le ba tshepileng, ba tle ba ise mpho ya lona Jerusalema.
Haele nna, ka mohau wa Modimo oo ke o filweng, ke theile motheo jwaloka sehahi se bohlale, mme e mong o haha kahodima wona; e mong le e mong a mpe a iponele kamoo a hahang kateng hodima wona.
Hobane leha le be le ka ba le baruti ba dikete tse leshome ho Kreste, ha le na bontata lona ba bangata; hobane ke nna ya le tswetseng ho Jesu Kreste ka Evangeli.
Empa re tshaba ho ipala le ho ipapisa le ba bang ba ikemelang; athe ha ba itekanya bona ka bona, mme ba itshwantsha bona ka bona, ha ba etse ka kelello.
Athe, leha nka eketsa hanyenyane ho ithorisa ka matla a rona, ao re a neilweng ke Morena ho le hahisa, e seng ho le diha, nke ke ka ba le dihlong;
Ha ke ithorisitse, ke fetohile lewatla, ke lona le ntshusumeleditseng teng; hobane ke ne ke tshwanelwa ke ho emelwa ke lona, hobane ha ke a ka ka fetiswa ka letho, leha le le leng, ke baapostola ba fetisang ka boholo, leha ke se eng.
Hleka le jwale le re, re sa ntse re itlhatswa ho lona na? Tjhe, re bua pela Modimo, re le ho Kreste; mme ka tsohle tseo, baratuwa, re le batlela kgahiso.
Hobane ha re tshwane le ba bangata ba tswakang lentswe la Modimo; re ntse re bua re le ba nnete, re le ba buiswang ke Modimo, pontsheng ya Modimo, re le ho Kreste.
Hase hore re boela re ikemela pela lona, empa re le nea sebaka sa ho ithorisa ka rona; le tle le tsebe ho fetola ba ithorisang ka tshobotsi, e seng ka pelo.