Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 4:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Hobane leha le be le ka ba le baruti ba dikete tse leshome ho Kreste, ha le na bontata lona ba bangata; hobane ke nna ya le tswetseng ho Jesu Kreste ka Evangeli.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Leha le ka ba le bahlokomedi ba diketekete ba le rutileng tsa Kreste, empa le na le ntate a le mong. Ho Kreste Jesu, ke nna ya le tswetseng ka molaetsa o molemo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

15 Hobane leha le ka ba le baruti ba dikete tse leshome ho Kreste, bontata lona ha ba bangata;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Hobane leha le ka ba le baruti ba dikete tse leshome ho Kreste, bontata lona ha ba bangata;

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 4:15
25 Referencias Cruzadas  

A hleka ke nna ke emotseng setjhaba sena sohle na? A ke nna ke se tswetseng, ha o tla re: Se jare ka sefubeng sa hao, jwaloka moanyesi ha a jara ngwana ya anyang, se be se fihle naheng eo o hlapanyeditseng bontata sona hoba o tla se nea yona na?


Mme jwale, ke bile ka phehella hoba ke bolele Evangeli moo Kreste a neng a eso ho bolelwe teng, hore ke se ke ka haha motheong wa ba bang.


Mme ke ka wona lona le leng ho Jesu Kreste, ya entsweng ke Modimo bohlale ba rona, le ho loka ha rona, le kgalalelo ya rona, le topollo ya rona:


Hape, banabeso, ke le hopotsa Evangeli eo ke seng ke le boleletse yona, eo le e amohetseng, eo le tiisetsang ho yona,


Haele nna, ka mohau wa Modimo oo ke o filweng, ke theile motheo jwaloka sehahi se bohlale, mme e mong o haha kahodima wona; e mong le e mong a mpe a iponele kamoo a hahang kateng hodima wona.


Nna, ke hlomile, Apolose yena o noseditse, empa Modimo ke wona o medisitseng.


Mme ya hlomang le ya nosetsang ke ntho e le nngwe feela; mme e mong le e mong o tla amohela moputso oo e leng wa hae, ka tekanyo ya mosebetsi oo e leng wa hae.


Mme ha ba bang ba ena le tokelo ya ho etsa jwalo ho lona, ana haholoholo hase ya rona na? Athe ha re a ka ra etsa ka tokelo eo; re mpa re mameletse tsohle, re tle re se ke ra beela Evangeli ya Kreste thibelo leha e le nngwe.


Ke ka mokgwa oo Morena a laetseng hore ba bolelang Evangeli ba phele ka Evangeli.


Hobane leha ke bolela Evangeli, teng ha ke na seo nka ithorisang ka sona, kahobane molao wa teng o ntlamile, mme ho madimabe nna ha ke sa bolele Evangeli!


Hleka seo e leng moputso wa ka keng? Ke hobane, ha ke ntse ke bolela Evangeli, ke behela batho Evangeli ya Kreste, ka mokgwa o sa ba etsetseng boima, hore ke se ke ka ithusa ka tokelo eo ke nang le yona Evangeling.


Tsohle tseo ke di etsa ka baka la Evangeli, hore le nna ke tle ke be le kabelo teng.


Hobane ha re ipolele, empa re bolela Jesu Kreste hore ke Morena; mme haele rona, re ipolela hore re bahlanka ba lona, ka baka la Jesu.


Ka mokgwa o jwalo, molao e bile modisa wa bongwana ba rona, ho re isa ho Kreste, re tle re bewe ba lokileng ka tumelo.


Empa tumelo ha e se e tlile, ha re sa le pusong ya modisa eo.


Bana ba ka ba banyenyane, lona bao ke boelang ke le utlwela bohloko ba ho tswala, Kreste a tle a be a bopelwe ka ho lona;


Hobane nako e tla ba teng eo ba ke keng ba mamella thuto ya pholoho, empa ka baka la ho hlohlona ha ditsebe tsa bona, ba tla ipokelella baruti ba dumellanang le ditakatso tsa bona;


ke ngolla wena Tite, ngwanaka wa sebele tumelong eo re nang le yona hammoho le wena, ke re: O ke o newe mohau, le lereko, le kgotso ke Modimo Ntate, le ke Morena Jesu Kreste, Mmoloki wa rona.


Nna, Pauluse, ke ngodileng hona hoo ka letsoho la ka, ke tla o lefa, leha ke sa o bolelle hore o molato ho nna, wena, ka sebele sa hao.


Ka ho rata ha hae, o re tswetse ka lentswe la nnete, re tle re be bao e kang ke dithakangwaha tsa dibopuwa tsa hae.


le tswe le boetse le tswetswe, e seng ka peo e bolang, e leng ka e sa boleng, ka lentswe la Modimo le phelang, le hlolang ka ho sa feleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos