Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 5:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Hase hore re boela re ikemela pela lona, empa re le nea sebaka sa ho ithorisa ka rona; le tle le tsebe ho fetola ba ithorisang ka tshobotsi, e seng ka pelo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Ha re sa tla ikemela pela lona, re mpa re le fa sebaka sa ho ithorisa ka rona, e le hore le tle le tsebe ho fetola ba ithorisang ka se bonahalang, e seng ka se ka pelong.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Hobane ha re ikeke hape pela lona, empa re le fa sebaka sa ho ithorisa ka rona, le tle le be le ho hong ho araba ba ithorisang ka ponahalo, e seng ka pelong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Hobane ha re ikeke hape pela lona, empa re le fa sebaka sa ho ithorisa ka rona, le tle le be le ho hong ho araba ba ithorisang ka ponahalo, e seng ka pelong.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 5:12
13 Referencias Cruzadas  

Ya o rorisang e be e mong, e seng leleme la hao; e be osele ho wena, e seng molomo wa hao.


jwalokaha le fela le re tsebile ka nqa tse ding, hoba ke rona re leng thoriso ya lona, jwalokaha le lona le tla ba ya rona, ka letsatsi la Morena Jesu.


Empa re tshaba ho ipala le ho ipapisa le ba bang ba ikemelang; athe ha ba itekanya bona ka bona, mme ba itshwantsha bona ka bona, ha ba etse ka kelello.


Hobane ya dumelehang hase ya ikemelang, empa e le ya emelwang ke Morena.


Na le tadima tshobotsi na? Ekare ha e mong a itshepetse hoba ke wa Kreste, a ke a hopole hape hobane, jwalokaha yena e le wa Kreste, le rona re ba Kreste.


Athe, leha nka eketsa hanyenyane ho ithorisa ka matla a rona, ao re a neilweng ke Morena ho le hahisa, e seng ho le diha, nke ke ka ba le dihlong;


Ha ke ithorisitse, ke fetohile lewatla, ke lona le ntshusumeleditseng teng; hobane ke ne ke tshwanelwa ke ho emelwa ke lona, hobane ha ke a ka ka fetiswa ka letho, leha le le leng, ke baapostola ba fetisang ka boholo, leha ke se eng.


Hleka re boela re qala ho ikemela na? Kapa a re tshwanela ho batla, jwaloka ba bang, mangolo a re emelang pela lona, leha e le a ka tswang ho lona ho re emela pela ba bang?


Re mpa re iketsetsa kahohle kemelo e loketseng bahlanka ba Modimo, ka tiisetso e kgolo mahlomoleng, le bofumeng, le ditsietsing,


hore ho ithorisa ha lona ka nna ho tle ho eketsehe ho Jesu Kreste, ha ke boetse ke le teng ho lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos