Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 5:12 - BIBELE

12 Ha re sa tla ikemela pela lona, re mpa re le fa sebaka sa ho ithorisa ka rona, e le hore le tle le tsebe ho fetola ba ithorisang ka se bonahalang, e seng ka se ka pelong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Hase hore re boela re ikemela pela lona, empa re le nea sebaka sa ho ithorisa ka rona; le tle le tsebe ho fetola ba ithorisang ka tshobotsi, e seng ka pelo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Hobane ha re ikeke hape pela lona, empa re le fa sebaka sa ho ithorisa ka rona, le tle le be le ho hong ho araba ba ithorisang ka ponahalo, e seng ka pelong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Hobane ha re ikeke hape pela lona, empa re le fa sebaka sa ho ithorisa ka rona, le tle le be le ho hong ho araba ba ithorisang ka ponahalo, e seng ka pelong.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 5:12
13 Referencias Cruzadas  

Motho ha a ithorise o roriswa ke ba bang, a ka roriswa ke basele, e seng yena a ithorise.


seo le seng le se utlwisisa kammoho, e le hore, Letsatsing la ho tla ha Morena Jesu, le tle le ithorise ka rona, jwalokaha le rona re tla ithorisa ka lona.


Ho hang ha re a lokela ho ikopanya kapa ho itshwantsha le ba bang ba ikemelang. Empa ke dithoto, hobane tekanyo eo motho wa bona a itekanyang ka yona ke yena ka boyena, o ipapisa le yena ka boyena.


hobane ya amohelehang hase ya ikemelang, empa ke ya emelwang ke Morena.


Tadimang ditaba ho ya kamoo di leng kateng. Haeba e mong a ikgodisitse hore ke wa Kreste, a ke a nahane le hore le rona re ba Kreste jwaloka yena.


Leha nka ithorisetsa matla a rona haholwanyane, ao Morena a re neileng wona ho le matlafatsa, e seng ho le fedisa, ha nka ke ka hlajwa ke dihlong.


Ke fetohile sethoto, hobane ke lona ba ntlamileng ho ba jwalo. Ke ne ke lokela ho pakwa ke lona, etswe leha ke se letho, baapostolahadi bao ha ba mphete ka letho.


Na re boela re qala ho ikemela? Kapa jwaloka ba bang, re hloka mangolo a re emelang ho lona, kapa a tswang ho lona?


Empa dinthong tsohle re itshupa hore re basebeletsi ba Modimo, ka ho ba le tiisetso e kgolo matshwenyehong, ditsietsing, ditlallong,


Ha ke se ke boetse ho lona hape, le tla tseba ho ithorisa haholo ka nna ho Kreste Jesu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos