Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 5:11 - BIBELE

11 Ka ho tseba hore na ho tshaba Morena ke eng, re leka ho kgodisa batho. Modimo o re tseba ka ho tlala; le teng ke tshepile hore le lona, ka dipelo tsa lona, le ntseba ka ho tlala.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Jwale, ka baka la ho tseba botshabeho ba Morena, re qhopheletse batho ho dumela, mme re tsejwa ke Modimo, hape ke tshepile hoba re tsejwa le matswalong a lona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Ka baka leo, ka ho tseba ho tshoha Jehova, re leka batho; empa re bonahatswa ho Modimo; mme ke tshepile hore le matswalong a lona re bonahaditswe.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Ka baka leo, ka ho tseba ho tshoha Jehova, re leka batho; empa re bonahatswa ho Modimo; mme ke tshepile hore le matswalong a lona re bonahaditswe.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 5:11
39 Referencias Cruzadas  

Yaba ba tswela pele leetong la bona, Modimo a kenya tshabo e kgolo metseng eo ba neng ba feta ho yona, hoo baahi ba yona ba sa kang ba futuhela bara ba Jakobo.


Matshabeho a lefu a mo tshosa kahohle, hohle moo a yang teng a mo salame.


Ho tshaba Modimo ho ne ho nthibela, tlotla ya hae e ntshabisa ho etsa tsena.


Metsu ya Ya Matla wohle e ntlhabile, mahloko a yona a tjhatjhametsa le moya wa ka, matshabeho a Modimo a nteetse theko!


ba fetoha lesupi ka ho panya ha ntshi, ba fedile, qetello ya bona ke e tshosang.


Yare ha o kgalemela, wena Modimo wa Jakobo, dikariki le dipere tsa ntwa tsa fetoha, tsa fetoha diemahale.


Ke mang ya ka tsebang matla a bohale ba hao, le ho tshabeha ha kgalefo ya hao?


Mohla tsatsi leo, Baegepeta e tla ka basadi. Ba tla tlakasela ke ho tshaba letsoho leo Morena wa mabotho a ba phahamiseditseng lona.


Baetsadibe ba Sione ba tshwerwe ke tshabo, ba kgopo bona ba a thothomela: “Ke mang ho rona ya ka phelang mollong o timetsang? Ke mang ho rona ya ka phelang malakabeng a kamehla yohle?”


Ha Morena a halefile, ya ka tiisetsang ke mang? Ha kgalefo ya Morena e tlokoma ya ka e mamellang ke mang? Kgalefo ya hae e tuka sa malakabe kapele ho yena mafika a a pshatleha.


Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa ba ke ke ba bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho timetsa moya le mmele diheleng.


“Jwale bana ba tla ya tlhokofatsong e sa feleng, ha ba lokileng ba eya bophelong bo sa feleng.”


Empa ke tla le lemosa eo le ka mo tshabang: Tshabang ya nang le matla a ho lahlela diheleng, ha a se a bolaile! E, ke a le bolella, mo tshabeng!


“Aborahama a re ho yena: ‘Ha ba sa utlwe Moshe le Baporofeta, ha ba ka ke ba kgolwa leha e mong a ka tsoha bafung.’ ”


Jwale ha phutheho e se e qhalane, Bajuda ba bangata le basokolohi ba hlomphang Modimo, ba sala Paulosi le Baranabase morao. Bona ba bua le bona, ba ba kgothaletsa ho tiisetsa mohaung wa Modimo.


ba re: “Monna enwa o kgothaletsa batho hore ba hlomphe Modimo ka mokgwa o hananang le Molao.”


A buisana le batho ka tlung ya thapelo ka Sabatha se seng le se seng, a leka ho kgodisa Bajuda le Bagerike.


Le a bona, mme le a utlwa hore Paulosi enwa o re medimo e entsweng ke batho hase medimo, mme o kgelositse letshwelehadi, e seng mona Efese feela, empa e batla e le Asia yohle.


Kgosi e tseba tsena tsohle; ke ka baka leo ke buang ka sebete, hobane ke kgolwa hore ha ho letho le patilweng ho yona, hobane ha di a etsetswa sephiring.


Ha ba se ba mo kgethetse letsatsi, ba bangata ba tla ho yena, moo a dulang teng. A ba hlalosetsa, a paka tsa Mmuso wa Modimo. Ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboya a leka ho ba kgodisa ka tsa Jesu, a ipapisitse le Molao wa Moshe le Baporofeta.


Etswe rona ha re ke ba bangata ba bapatsang ka lentswe la Modimo, empa kahobane re romilwe ke Modimo, re bua nnete mahlong a Modimo, re le bahlanka ba Kreste.


Kahoo re maqosa a Kreste, kaha Modimo a kgothatsa ka rona. Re a le kopa lebitsong la Kreste: Boelanang le Modimo.


Jwale rona, re le ba sebetsang mmoho le Modimo, re a le rapela hore mohau wa Modimo le se ke la o amohella lefeela.


Na ebe ke rialo ho kgahlisa batho kapa Modimo? Na ebe ke batla ho thabisa batho? Hoja ke sa ntsane ke thabisa batho, nka be ke se mohlanka wa Kreste.


E mong a ikokobeletse e mong ka ho hlompha Kreste.


Ke ntho e tshabehang ho wela diatleng tsa Modimo ya phelang.


hobane Modimo wa rona ke mollo o tjhesang lore!


le ba pholose ka ho ba tshola mollong. Ba bang bona le ba hauhele, empa le ntse le ena le tshabo; le hloye esita le seaparo se silafaditsweng ke bona.


Mang le mang eo lebitso la hae le sa fumanwang bukeng ya bophelo, a akgelwa letsheng la mollo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos