Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 10:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Athe, leha nka eketsa hanyenyane ho ithorisa ka matla a rona, ao re a neilweng ke Morena ho le hahisa, e seng ho le diha, nke ke ka ba le dihlong;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Leha nka ithorisetsa matla a rona haholwanyane, ao Morena a re neileng wona ho le matlafatsa, e seng ho le fedisa, ha nka ke ka hlajwa ke dihlong.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Hobane leha nka ithorisa ka ho fetisa ka matla ao Morena a re neileng wona ho le haha, e seng ho le ripitla, nke ke ka hlajwa ke dihlong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Hobane leha nka ithorisa ka ho fetisa ka matla ao Morena a re neileng wona ho le haha, e seng ho le ripitla, nke ke ka hlajwa ke dihlong.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 10:8
12 Referencias Cruzadas  

e seng hore re na le puso hodima tumelo ya lona, empa re le sebedisa tse le thabisang, hobane efela le eme ka tumelo.


hobane dibetsa tsa ntwa ya rona hase tsa nama, empa di le matla ka Modimo ho diha diqhobosheane.


ho tle ho se ke ha eba jwaloka hoja ke rata ho le tshosa ka mangolo a ka.


Hleka le jwale le re, re sa ntse re itlhatswa ho lona na? Tjhe, re bua pela Modimo, re le ho Kreste; mme ka tsohle tseo, baratuwa, re le batlela kgahiso.


Athe, leha nka ithorisa, e ke ke ya ba ke etsa ka bowatla, hobane seo ke se bolelang, ke nnete; empa tseo ke a di lesa, motho a tle a se ke a mpea boholo bo fetisang seo a mponang ke le sona, leha e le seo a nkutlwang ke bolelwa ka sona.


Ke ka baka leo ke ngolang taba tseo, ke sa le siyo ho lona, hore mohla ke leng teng, ke se ke ka etsa ka thata, ka matla ao Morena a nneileng wona ho hahisa, e seng ho heletsa.


Hobane ha re na matla le a manyenyane ho hanela nnete, empa e le ho emela nnete.


Hobane, leha ke ne ke ithorise ka lona pela hae, ka hore ho itseng, ha ke a ka ka swaba ke hona; empa jwalokaha re ne re le bolelle nnete tabeng tsohle, le hona ho ithorisa ha rona ka lona pela Tite ho fumanwe e le nnete ka sebele.


Ke bua le lona ka matla a maholo, ke ithorisa haholo ka lona; ke tletse tshediso, ke thabile ka ho fetisisa mahlomoleng wohle a rona.


Ke le Pauluse, moapostola, e seng ka batho, leha e le ka motho, empa e le ka Jesu Kreste, le ka Modimo Ntate, o mo tsositseng bafung;


Hape, e sa le ka baka leo ke utlwiswang bohloko boo; empa ha ke hlajwe ke dihlong ke hona, kahobane ke tseba eo ke mo dumetseng, mme ke kgolwa ruri hore o na le matla a ho mpolokela seo ke se beileng ho yena, letsatsi lela le be le tjhabe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos