Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 10:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Na le tadima tshobotsi na? Ekare ha e mong a itshepetse hoba ke wa Kreste, a ke a hopole hape hobane, jwalokaha yena e le wa Kreste, le rona re ba Kreste.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Tadimang ditaba ho ya kamoo di leng kateng. Haeba e mong a ikgodisitse hore ke wa Kreste, a ke a nahane le hore le rona re ba Kreste jwaloka yena.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 Na le talima lintho ka ponahalo ea ka ntle? Ekare ha e mong a itshepa hore ke wa Kreste, a a boele a hopole taba ena ka boyena, hore, jwalokaha yena e le wa Kreste, le rona re ba Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Na le talima lintho ka ponahalo ea ka ntle? Ekare ha e mong a itshepa hore ke wa Kreste, a a boele a hopole taba ena ka boyena, hore, jwalokaha yena e le wa Kreste, le rona re ba Kreste.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 10:7
21 Referencias Cruzadas  

Diketso tsa bona tsohle ba di etsa hore ba tle ba bonwe ke batho; hobane ba rwala meqhaka ya difilaktera tse diphara, mme ba lelefatsa dipodi dikobong tsa bona;


Yaba o re ho bona: Haele lona, le ipea ba lokileng pela batho, empa Modimo o tseba dipelo tsa lona; hobane se phahameng ho batho, ke manyala pela Modimo.


Se ahloleng ka ho bona feela, le mpe le ahlole ka kahlolo e lokileng.


Ke lekanya jwalo, kahobane e mong le e mong ho lona o re: Nna, ke wa Pauluse! — Nna, ke wa Appolose! — Nna, ke wa Kefase! — Nna he, ke wa Kreste!


Ekare ha motho a itekanya hoba ke moporofeta, kapa motho ya nang le moya, a ke a tsebe hoba ditaba tseo ke le ngollang tsona, ke melao ya Morena.


Empa e mong le e mong o tla tsoha nakong eo e leng ya hae; thakangwaha ke Kreste; hamorao ke bao e leng ba Kreste; ba tla tsoha ho tleng ha hae.


lona le ba Kreste, mme Kreste ke wa Modimo.


Ana ha ke a lokoloha na? Ha ke moapostola na? Ha ke a ka ka bona Morena wa rona Jesu Kreste na? Ha le mosebetsi wa ka Moreneng na?


Ke le Pauluse, ke a le kgothatsa ka bonolo le ka mosa wa Kreste, e le nna eo ho thweng ke ikokobetsa ha ke le hara lona, empa ha ke se teng, ke ye ke le etsetse ka matla;


Jwale he, erekaha ba bangata ba ithorisa ka nama, le nna ke tla ithorisa.


Na ke bahlanka ba Kreste? — ke bua ka bowatla — teng, ke a ba fetisa; ke ba fetisa ka mesebetsi, le ka mabote haholo, le ka diteronko; ke bile lefung hangata;


Hobane e mong ha a ka tla, a le bolella Jesu osele, e seng eo re le boleletseng yena, leha le ka amohela Moya osele, e seng oo le o amohetseng, leha e le Evangeli esele, e seng eo le e nkileng taba eo le ka e mamella hantle.


Ha ke ithorisitse, ke fetohile lewatla, ke lona le ntshusumeleditseng teng; hobane ke ne ke tshwanelwa ke ho emelwa ke lona, hobane ha ke a ka ka fetiswa ka letho, leha le le leng, ke baapostola ba fetisang ka boholo, leha ke se eng.


haele moo le batla pontsho e le kgodisang hore Kreste o bua ka nna, athe yena ha a le fokolla, empa o matla hara lona.


Hase hore re boela re ikemela pela lona, empa re le nea sebaka sa ho ithorisa ka rona; le tle le tsebe ho fetola ba ithorisang ka tshobotsi, e seng ka pelo.


Mme ha le le ba Kreste, ke moo le leng leloko la Abrahama, le majalefa ka pallo.


Rona, re ba Modimo; ya tsebang Modimo o a re utlwa; eo e seng wa Modimo ha a re utlwe; ke kahoo re tsebang moya oo e leng wa nnete, le moya oo e leng wa leshano.


Jehova a re ho Samuele: O se ke wa tadima tshobotsi ya hae, leha e le bolelele ba seemo sa hae; nna ke mo lahlile; hobane Jehova ha a bone kamoo motho a bonang kateng; hobane motho o tadima tshobotsi, empa Jehova yena o tadima pelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos