Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 3:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Haele nna, ka mohau wa Modimo oo ke o filweng, ke theile motheo jwaloka sehahi se bohlale, mme e mong o haha kahodima wona; e mong le e mong a mpe a iponele kamoo a hahang kateng hodima wona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Ka mohau oo Modimo a nketseditseng wona ke ile ka etsa motheo jwaloka sehahi se bohlale; e mong a haha hodima wona. Empa e mong le e mong a hlokomele hore na o haha jwang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Ho ya ka mohau wa Modimo oo ke o neilweng, jwaloka sehahi se bohlale, ke theile motheo, mme e mong o haha hodima wona. Empa e mong le e mong a ke a iponele kamoo o hahang kateng hodima lona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Ho ya ka mohau wa Modimo oo ke o neilweng, jwaloka sehahi se bohlale, ke theile motheo, mme e mong o haha hodima wona. Empa e mong le e mong a ke a iponele kamoo o hahang kateng hodima lona.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 3:10
37 Referencias Cruzadas  

Hurame a eketsa, a re: Ho bokwe Jehova, Modimo wa Iseraele, ya entseng mahodimo le lefatshe, hobane o neile morena Davida mora ya bohlale, ya kelello, ya kutlwisiso, ya ratang ho hahela Jehova ntlo, le ho ikgahela ntlo ya borena.


Yaba banna bohle ba masene, ba sebetsang mesebetsi yohle ya sehalalelo, ba tlohela e mong le e mong mosebetsi oo a o sebetsang, ba tla, ba re ho Moshe:


Motho o tla roriswa ho lekana bohlale ba hae; empa ya pelo e kgopo yena o tla nyediswa.


Bohlale bo hahile ntlo ya jona ka ditshiya tse supileng tse betlisitsweng hantle.


Mmoledi o ne a le bohlale. A boela a ruta setjhaba ho hlalefa, a botsisisa, a batlisisa, a lokisa dipuo tsa maele tse ngata.


Empa ba hlalefileng ba tla kganya jwaloka kganya ya lehodimo, ba kgannetseng ba bangata ho lokeng ba kganye jwaloka dinaledi kamehla le mehla, ka ho sa yeng kae.


Matsoho a Sorababele a theile ntlo ena, mme matsoho a hae a tla e phetha; mme o tla tseba hobane Jehova wa makgotla o nthomile ho lona.


Ana ke mang mohlanka ya kgabane, ya bohlale, eo morena wa hae a mmeileng moalosi wa bahlanka ba hae ho ba nea dijo nakong ya teng?


Ka baka leo, e mong le e mong ya mamelang dipolelo tseo tsa ka, mme a etsa ka tsona, nka mo tshwantsha ka monna ya bohlale, ya hahileng ntlo ya hae letlapeng;


O iponele ke hona, hore lesedi le ho wena e se ke ya eba lefifi.


A re: Iponeleng, le tle le se ke la thetswa; hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: Ke nna Kreste, nako e atametse. Empa le se ke la ba latela.


Yare ha a rata ho fetela Akaea, baena ba ngolla barutuwa, ba ba kgothatsa hore ba mo amohele. Eitse ha a fihla ho bona, a thusa haholo ba dumetseng ka mohau wa Modimo.


eo re filweng ka yena mohau le boapostola, hore ditjhabeng tsohle ho be ba utlwang ka ho dumela lebitso la hae;


Hobane ka mohau oo ke o neilweng, ke bolella motho e mong le e mong hara lona, hore a se ke a itekanya boholo bo tlodisang moo a tshwanetseng ho lekanya teng; a mpe a ikgopole ka se mo lekaneng, e mong le e mong ka tekanyo ya tumelo eo Modimo o mo abetseng yona.


Empa banabeso, nqe nngwe ke le ngoletse phatlalatsa, ke ntse ke re, ke le hopotsa ditaba ka baka la mohau oo ke o filweng ke Modimo,


Mme jwale, ke bile ka phehella hoba ke bolele Evangeli moo Kreste a neng a eso ho bolelwe teng, hore ke se ke ka haha motheong wa ba bang.


Hobane ha ho motho ya ka theang motheo osele ho o setseng o theilwe, e leng Jesu Kreste.


E be ekasita ke se moapostola ho ba bang, ho lona ke yena; hobane ke lona le leng letshwao la boapostola ba ka Moreneng.


Ha re ithorise ka se sa re lekaneng, e leng mesebetsi ya ba bang, empa re tshepile hoba tumelo ya lona, ha e ntse e hola, re tla nama haholo, kamoo re lekanyeditsweng sebaka kateng,


le mohaho o theilweng hodima motheo wa baapostola le wa baporofeta, oo Jesu Kreste e leng yena lejwe la ntlha la wona;


Ke seo ke se sebetsang, ke ntse ke lwana ka tshebetso ya hae e sebetsang ka ho nna ka matla.


E reng ho Arkipe: Tadima tshebetso eo o e abetsweng ke Morena, o tle o e phethe.


Mme re romile Timothea, ngwanabo rona, mohlanka wa Modimo, ya re sebedisang Evangeling ya Kreste, hore a ye ho le tiisa le ho le kgothatsa bakeng sa tumelo ya lona;


O ke o itebele, o lebele le yona thuto; mme o tiye teng; hobane, ha o etsa jwalo, o tla ipholosa, o pholose le ba o utlwang.


O tiye matla ho iketsa ya dumelehang ho Modimo, mosebetsi ya se nang ho nyatsuwa, ya rutang lentswe la nnete ka ho loka.


Banabeso, le se ke la ipea baruti kaofela, le tswe le tseba le tseba hobane ke moo re tla hlahelwa ke kahlolo e fetisang ka bothata.


E mong ha a bua, a ye ka dipolelo tsa Modimo; e mong ha a sebeletsa ba bang, a etse ka matla a hlahiswang ke Modimo, hore Modimo o tlotliswe nthong tsohle ka Jesu Kreste, eo kganya le borena e leng tsa hae, ka ho sa feleng! Amen.


Mme le lemohe hobane mamello ya Morena wa rona, ke poloko; jwalokaha Pauluse, ngwanabo rona ya ratwang, a le ngoletse le yena, ka bohlale boo a bo neilweng;


Lerako la motse le na le metheo e leshome le metso e mmedi eo ho ngodilweng ho yona mabitso a baapostola ba Konyana ba leshome le metso e mmedi.


Metheo ya lerako la motse e kgabisitswe ka mahakwe a mefutafuta, a bohlokwa. Motheo wa pele ke wa jaspe; wa bebedi wa safire; wa boraro wa kalsedone; wa bone wa emerauda;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos