Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Bakorinthe 3:1 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 A re boela re qala ho ithorisa? Kapa na, joalo ka ba bang, re hloka mangolo a bopaki a eang ho lōna, kapa lengolo la bopaki le tsoang ho lōna?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Hleka re boela re qala ho ikemela na? Kapa a re tshwanela ho batla, jwaloka ba bang, mangolo a re emelang pela lona, leha e le a ka tswang ho lona ho re emela pela ba bang?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Na re boela re qala ho ikemela? Kapa jwaloka ba bang, re hloka mangolo a re emelang ho lona, kapa a tswang ho lona?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 A re boela re qala ho ithorisa? Kapa na, joalo ka ba bang, re hloka mangolo a bopaki a eang ho lōna, kapa lengolo la bopaki le tsoang ho lōna?

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 3:1
13 Referencias Cruzadas  

Eitse ha a rata ho fetela Akaia, baena ba ngola, ba kgothatsa barutuwa hore ba mo amohele;


Ke le laeletsa Febe, kgaitsedi ya rona, mosebeletsi wa kereke ya Kenkrea.


Jwalokaha le nna ke kgahlisa batho bohle nthong tsohle, ke sa ipatlele se molemo ho nna, empa se molemo ho ba bangata, hore ba tle ba bolokehe.


Mme etlare ha ke fihla, bao le ka ba dumelang ka mangolo, ke tla ba roma ho isa dimpho tsa lona Jerusalema.


Ho ya ka mohau wa Modimo oo ke o neilweng, jwaloka sehahi se bohlale, ke theile motheo, mme e mong o haha hodima wona. Empa e mong le e mong a ke a iponele kamoo o hahang kateng hodima lona.


Hobane leha le ka ba le baruti ba dikete tse leshome ho Kreste, bontata lona ha ba bangata;


Hobane ha re na sebete sa ho ikakanya, leha e le ho ipapisa le ba bang ba ipuellang;


Hobane ya ipuellang, ha se ya kgabane, empa e le eo Morena a mo babatsang.


Hobane leha nka ithorisa ka ho fetisa ka matla ao Morena a re neileng wona ho le haha, e seng ho le ripitla, nke ke ka hlajwa ke dihlong.


Ke fetohile lehlanya ka boithoriso; ke lona le ntlamileng, hobane ke ne ke loketse ho emelwa ke lona;


Hape, le re re ikemela ho lona? re bua pela Modimo re le ho Kreste: empa re etsa ntho tsohle, baratuwa, bakeng sa ho le hahisa.


Hobane ha re jwaloka ba bangata ba senyang lentswe la Modimo;


Hobane ha re ikeke hape pela lona, empa re le fa sebaka sa ho ithorisa ka rona, le tle le be le ho hong ho araba ba ithorisang ka ponahalo, e seng ka pelong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos