1 Samuele 2:25 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha motho e mong a sitelwa e mong, Modimo o tla mo ahlola; empa ha motho a sitelwa Jehova, o tla rapellwa ke mang? Leha ho le jwalo, ba se ke ba utlwa lentswe la ntata bona, hobane Jehova o ne a se a hopotse ho ba timetsa. BIBELE Ha motho a sitelwa motho e mong, Modimo o tla mo ahlola, empa haeba motho a ka sitelwa Morena, ke mang ya tla mmuella?” Leha ho le jwalo ba se ke ba mamela ntata bona, hobane Morena o ne a rerile ho ba bolaya. |
Ere, mora wa letsibolo wa Juda, e ne e le motho e mobe mahlong a Jehova, mme Jehova a mmolaya.
Etlare motho ha a sitetswe wa habo, mme a tlangwa ka kano, hore a hlapanye ka yona; ha a etla, a hlapanya pela aletare ena tlung ena,
o ke o utlwe, o le mahodimong, o etse, o ahlolele bahlanka ba hao, ka ho tswa ya molato, o busetse hodima hae ka metsamao ya hae, mme o bolele ya lokileng, o be o mo putse ka ho loka ha hae.
Ha ho le jwalo, morena ha a ka a mamela setjhaba; hoo empa ho ne ho hlahisitswe ke Modimo, hore Jehova a tle a phethisise lentswe leo a neng a le buile ka Akija wa Silo ho Jeroboame, mora Nebathe.
A re a sa bua, morena a re ho yena: Na re o entse neng moeletsi wa morena? Tloha! O ratelang ho otlwa? Yaba moporofeta o tloha, a re: Ke tseba hoba Modimo o rerile ho o timetsa, kahobane o entse hoo, mme o sa ka wa mamela keletso ya ka.
hobane ha o rate mahlabelo; hola ha ho jwalo, nka be ke a ntshitse; le ditjheso ha o kgahliswe ke tsona.
Ke sitetswe wena, wena o nnotshi; ke entse ho leng hobe mahlong a hao; ke moo ho loka ha hao ho tla bonahala ha o bua, le hlweko ya hao ha o ahlola.
Motho ya ntseng a kgalemelwa hangata, mme a itshatalatsa molala, o tla robeha hanghang, ho se le sehlare.
nako e teng ya ho bolaya, e teng nako le ya ho fodisa; nako e teng ya ho qhaqholla, e teng nako le ya ho haha;
Empa motho ya etsang ka boomo, kapa e leng ya tswaletsweng ha eno, kapa e leng moditjhaba, yena o hobosa Jehova; motho eo o tla tloswa setjhabeng sa hae.
Le se ke la ya ka tshobotsi ya motho dikahlolong tsa lona; hape, le mamele e monyenyane le e moholo; le ke ke la tshaba motho le a mong, hobane kahlolo ke ya Modimo. Ha taba e le teng e le sitang, e tliseng ho nna, ke tle ke e utlwe.
Empa Sihone, morena wa Heshbone, a hana ho re nea sebaka sa ho feta ha hae; hobane Jehova, Modimo wa hao, o ne a thatafaditse moya wa hae, a sataladitse le pelo ya hae, hore a mo neele matsohong a hao, jwalokaha ho le jwalo kajeno.
Hobane Modimo o mong feela, le Mmuelli mahareng a Modimo le batho o mong, e leng Jesu Kreste motho,
Hobane ekare ha re etsa sebe ka boomo, ha re se re filwe tsebo ya nnete, ha ho sa le sehlabelo se seng sa dibe;
e se e mpa e le tebello e tshabehang ya kahlolo, le bohale ba mollo o tlang ho ja bahanyetsi.
Ke ka baka leo a ka tsebang ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Modimo ka yena, kahobane o ntse a phela kamehla ho ba rapella.
hobane e ne e le Jehova ya thstsfaditseng pelo tsa bona hore ba lwantshe Iseraele, a tle a ba timetse, ba tle ba se ke ba bona mohau, a mpe a ba fedise, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
Ke kahoo ke anetseng ntlo ya Eli, ka re: Bokgopo ba ntlo ya Eli ha bo ka ke ba hlatsuwa ka mahlabelo, leha e le ka nyehelo, le ka mohla o le mong.