Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 2:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Tjhe, bara ba ka, hase ditaba tse ntle tseo ke di utlwang; le fosisa setjhaba sa Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 Wee, bana ba ka, ditaba tseo ke utlwang setjhaba sa Morena se di phatlalatsa hohle, ha di ntle ho hang.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 2:24
16 Referencias Cruzadas  

A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a ya ka mehlala ya ntatae, le ka sebe sa hae seo a sebisitseng Iseraele ka sona.


E ne e le ka baka la dibe tseo Jeroboame a sitilweng ka tsona, a ba a sebisa le Baiseraele ka tsona, a halefisa Jehova, Modimo wa Iseraele.


Empa Jehu ha a ka a tiisa ho tsamaya molaong wa Jehova, Modimo wa Iseraele, ka pelo ya hae yohle, a se ke a kgeloha dibe tseo Jeroboame a sebisitseng Iseraele ka tsona.


Yaba Moshe o re ho Aarone: Setjhaba sena se o entse jwang ha o tla se dihela sebeng se sekalo?


Empa lona, le kgelohile tsela, le kgopisitse ba bangata ka molao; le sentse selekane sa Levi, ho bolela Jehova wa makgotla.


Ho madimabe lefatshe ka baka la dikgopiso; hobane dikgopiso di tshwanetse ho ba teng; ho mpa ho madimabe motho eo kgopiso e hlahang ka yena.


Ha ho le jwalo, lona banababo rona, a le ke le kgetheng banna ba supileng hara lona, e leng ba tshepjwang, ba tletseng Moya o Halalelang le hlalefo, bao re ka ba beang tshebeletsong eo.


hara hlompho, le hlomphollo, hara diketselletso le botumo bo botle;


Hape, e ka kgona a be le bopaki bo botle bo tswang ho ba kantle, a tle a se ke a wela dihlapeng le lerabeng la Diabolose.


Hobane ka ho bolela ditaba tsa boikgantsho le tsa lefeela, ba tjhatjhehisa ka ditakatso tsa nama le ka bohlola batho ba sa tswa furalla ba itsamaelang leshanong;


Demetriuse o bokwa ke bohle, le ke yona nnete; le rona re a mmoka, mme le a tseba hobane poko ya rona ke ya nnete.


Empa ke na le ditaba tse seng kae tseo ke di nyatsang ho wena; ke hobane o dumella Jesebele, mosadi eo ya ipitsang moporofeta, ho ruta, le ho kgelosa bahlanka ba ka, hore ba tle ba etse bohlola, mme ba je dinama tse hlabetsweng medimo ya bohata.


Ka baka leo, sebe sa bahlankana bao se ne se le seholo haholo pela Jehova, hobane le batho ba ne ba se ba nyedisa tse beelwang Jehova.


Eli yena o ne a se a hodile haholo; o ne a ntse a utlwa tsohle tse etswang ke bara ba hae ho Baiseraele bohle, le kamoo ba neng ba robala le basadi kateng, ba phuthehang pela monyako wa tente ya pokano.


O ne a re ho bona: Le etsetsang taba tse jwalo? Ke ntse ke utlwa ka setjhaba kaofela ditaba tsa lona tse manyala tseo le di etsang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos