Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 2:25 - BIBELE

25 Ha motho a sitelwa motho e mong, Modimo o tla mo ahlola, empa haeba motho a ka sitelwa Morena, ke mang ya tla mmuella?” Leha ho le jwalo ba se ke ba mamela ntata bona, hobane Morena o ne a rerile ho ba bolaya.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Ha motho e mong a sitelwa e mong, Modimo o tla mo ahlola; empa ha motho a sitelwa Jehova, o tla rapellwa ke mang? Leha ho le jwalo, ba se ke ba utlwa lentswe la ntata bona, hobane Jehova o ne a se a hopotse ho ba timetsa.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 2:25
25 Referencias Cruzadas  

Seo a ileng a se etsa sa eba sebe mahlong a Morena, mme le yena Morena a mmolaya. Yaba Juda o re ho Tamare, ngwetsi ya hae:


Empa Ere, letsibolo la Juda, e ne e le motho ya kgopo mahlong a Morena, mme Morena a mmolaya.


“Ha motho a sitelwa wa habo, mme ho thwe a hlapanye kapele ho aletare ya hao, ka tlung ena,


o utlwe o le lehodimong, mme o ahlolele bahlanka ba hao; o tswe ya kgopo, o mo jarise molato wa hae; o lokolle ya se nang molato, o mo ahlolele ho ya ka ho hloka molato ha hae.


Kgosi ya se ke ya mamela setjhaba, hobane hona ho ne ho entswe ke Modimo, e le hore polelo ya Morena e tle e phethahale, eo a neng a ile a e bolela ka molomo wa Ahiya ya tswang Shilo, a e bua ho Jeroboame, mora wa Nebate.


Yare ha moporofeta a ntse a bua le Amasiya, kgosi Amasiya a re ho yena: “Ke ho tloha neng re o kgethileng ho ba moeletsi wa kgosi? Kgutsa, esere ka o bolaya!” Yaba moporofeta o a kgutsa, a nto re: “Ke a tseba hore Modimo o rerile ho o timetsa, hobane o entse hona, mme ha o a ka wa mamela keletso ya ka.”


Hoja pakeng tsa rona mmoelanyi o teng, a sebedisa matla a hae hodima rona;


Modimo, Modimo ya mpholosang, ako ntopolle kahlolong ya lefu, leme la ka le tumise ho loka ha hao.


Ntlhatswisise bokgopo ba ka, o ntlhwekise sebe sa ka;


Mora ya bohlale o mamela thuto ya ntatae, empa moikakasi ha a natse kgalemo.


Ya kgelohang tsela o tla otlwa haholo, ya hloileng kgalemo yena o tla timela.


Motho ya nnileng a kgalengwa empa a satalatsa molala, hanghang o tla welwa ke kotsi, pheko e be siyo.


nako ya ho bolaya le nako ya ho fodisa, nako ya ho heletsa le nako ya ho haha;


“ ‘Empa motho ya tlolang molao ka boomo, e ka ba letswallwa la naha kapa mojaki, eo o nyefola Morena, mme o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.


Le se ke la ahlola batho ka leeme; le mamele ya eisehang le ya hlomphehang ka ho tshwana. Le se ke la tshaba sefahleho sa motho, hobane kahlolo ke ya Modimo. Taba e tla le thatafalla, le e fetisetse ho nna, mme ke tla e mamela.’


“Empa Sihone, kgosi ya Heshebone, a se ke a re dumella ho feta naheng ya hae, hobane Morena Modimo wa rona, o ne a ile a thatafatsa moya wa hae, a etsa hore pelo ya hae e be manganga, e le hore a tle a neelane ka yena matsohong a lona, jwalokaha ho etsahetse kajeno.


Modimo o mong, le mmoelanyi pakeng tsa Modimo le batho o mong, e leng Kreste Jesu eo e leng motho,


Ha re etsa dibe ka boomo, empa re se re fumane tsebo ya nnete, ha ho sa na sehlabelo se ka tlosang dibe tseo;


ho tla sala tebello e tshabehang ya kahlolo, le kgabo ya mollo e tla timetsa bahanyetsi.


Ka hona o na le matla a ho pholosa ka ho tlala bohle ba tlang ho Modimo ka yena, kaha a phela kamehla ho ba buella.


Morena o ne a thatafaditse dipelo tsa bona, hore ba tle ba lwantshe Baiseraele, e le hore ba tle ba timetswe ho hang, ba se ke ba hauhelwa; ba timetswe jwalokaha Morena a laetse Moshe.


Ka baka leo, ke hlapanyeditse ntlo ya Eli hore bokgopo ba ntlo ena ya hae bo ke ke ba lefellwa ka sehlabelo kapa nyehelo kamehla yohle.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos