Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 2:26 - BIBELE

26 Moshanyana Samuele a nna a hola, mme a nna a rateha ho Morena le ho batho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Haele mohlankana Samuele, o ne a ntse a hola, a ntse a kgahlisa Jehova le batho.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 2:26
11 Referencias Cruzadas  

Monga Josefa a mo hauhela, mme Josefa a mo sebeletsa. Monga hae a mo etsa mookamedi wa lelapa la hae, le molaodi wa tsohle tseo a nang le tsona.


Eba le lerato, o be le botshepehi, molaleng wa hao o itlame ka tsona; o di ngole tlapeng la pelo ya hao.


O tla ratwa ke Modimo le batho, o iketsetse lebitso mahlong a bona.


Ngwana a hola, a matlafala moyeng, mme a hlola lefeelleng ho fihlela a hlahiswa ho Iseraele.


Ha e le ngwana a nna a hola, a matlafala, a tlala bohlale, mme mohau wa Modimo wa nna wa eba le yena.


Jesu a nna a tswela pele bohlaleng, le ho holeng, mme a kgahleha pela Modimo le pela batho.


Ba rorisa Modimo, ba ratwa ke batho bohle, mme ka letsatsi le letsatsi Morena a eketsa phutheho ka ba pholoswang.


Ya sebeletsang Kreste ka tsena o kgahlisa Modimo, mme o hlomphuwa ke batho.


Mosadi a beleha ngwana wa moshanyana, a mo rea lebitso la Samosone. Ngwana a nna a hola, mme Morena a mo hlohonolofatsa.


Ruri Morena a hopola Anna, a emola, a beleha bara ba bararo le baradi ba babedi. Moshanyana Samuele yena a holela kapele ho Morena.


Samuele a nna a hola, Morena a nna a ba le yena, mme Morena a phethahatsa mantswe wohle a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos