Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 2:27 - BIBELE

27 Moporofeta wa Modimo a tla ho Eli, mme a re ho yena: “Morena o bua tjena: ‘Na ha ke a ka ka iponahatsa lapeng leno, ha bo-ntatao ba sa le Egepeta, le le makgoba tlung ya Faro?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Yaba monna e mong wa Modimo o tla ho Eli, a re ho yena: Jehova o re: Ha ke re, nkile ka itshenolela ba ntlo ya ntatao, ha ba sa le Egepeta, ha Faro;

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 2:27
14 Referencias Cruzadas  

Ka taelo ya Morena, moporofeta wa Modimo, ya tswang naheng ya Juda, a fihla Bethele. A fumana Jeroboame a eme pela aletare, a ntse a tjhesa mokubetso.


Yaba Solomone o tlosa Abiatare setulong sa boprista ba Morena, e le hore ho tle ho phethahale polelo ya Morena, e neng e porofetwe Shilo, mabapa le ntlo ya Eli.


Morena a bua ho Moshe le ho Arone, ba le naheng ya Egepeta, a re:


Morena a re ho Moshe le ho Arone: “Ditaelo tsa Paseka ke tsena: “Ho se be moditjhaba ya tla e ja.


Jwale Morena a re ho Arone: “Tsamaya, o yo kgahlanyetsa Moshe lehwatateng.” Arone a tsamaya, a teana le Moshe thabeng ya Modimo, a mo aka.


Ena ke tlhohonolofatso eo Moshe mohlanka wa Modimo, a ileng a hlohonolofatsa bana ba Iseraele ka yona, pele a eshwa.


Wena motho wa Modimo, baleha tsena, o habe ho loka, borapedi, tumelo, lerato, tiisetso, mosa.


hobane ha ho eso be boporofeta bo kileng ba tla ka thato ya motho le ka mohla, empa e bile ka ho susumetswa ke Moya o Halalelang batho ba ileng ba bolela tse tswang ho Modimo.


Yaba mosadi enwa o ya ho monna wa hae, o fihla a re: “Moromuwa wa Modimo o ile a fihla ho nna, mme tshobotsi ya hae e ne e tshwana le ya lengeloi la Modimo, e tshosa. Ha ke a ka ka mmotsa hore na o tswa kae, le yena ha a a ka a mpolella lebitso la hae.


Morena a romela moporofeta ho bana ba Iseraele. Moporofeta eo a re ho bona: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ke le nyolotse Egepeta; ke le ntshitse moo le neng le le makgoba teng.


Ka letsatsi leo, ke tla etsetsa Eli tsohle tseo ke di buileng malebana le ntlo ya hae, ho tloha qalong ho isa qetellong.


Saule a feta hara naha ya Efraime e maralla, a feta le hara naha ya Shalesha, empa ba se ke ba di fumana. Yaba ba feta hara naha ya Shaaleme, mme le moo tsa eba siyo. A feta le hara naha ya morabe wa Benjamine, empa le teng a se ke a di fumana.


Mohlanka a re ho yena: “Bona mona, motseng ona ho na le monna ya halalelang, mme ke motho ya hlomphehang. Tsohle tseo a di bolelang, ruri di ye di phethahale. Jwale a re ye hona teng; mohlomong a ka re bolella ho hong malebana le leeto lena leo re leng hara lona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos