Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 2:28 - BIBELE

28 Na ha ke a ka ka kgetha ntatao hara merabe yohle ya Iseraele hore e be moprista wa ka, a nyolohele aletareng ya ka ho ya tjhesa mokubetso, le ho apara setipe kapele ho nna? Na ha ke a ka ka abela lelapa leno dinyehelo tsohle tsa setjheso tsa bana ba Iseraele?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 ka ba ka mo kgetha melokong yohle ya Iseraele, hore e be moprista wa ka, ya hlabang aletareng ya ka, le ho tjhesa dibano, le ho apara efoda pela ka; mme ka nea ntlo ya ntatao ditjheso tsohle tsa bana ba Iseraele na?

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 2:28
26 Referencias Cruzadas  

Nathane a re ho Davida: “Monna eo ke wena. Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ke o tlotseditse hore o be kgosi ya Iseraele, ke o lopolotse matsohong a Saule.


Davida a apara setipe se entsweng ka lesela la lene, a hobela ka matla a hae kaofela, a isa hlompho ho Morena.


“Bitsa moholwane wa hao Arone, le bara ba hae, Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Itamare; o ba kgethe hara bana ba Iseraele, ba tle ba ntshebeletse e le baprista ba ka.


Tsena ke diaparo tseo ba tla mo etsetsa tsona: mokgabiso wa sefuba, le setipe, le seaparo, le seaparo se fihlang maotong se lohilweng, le katiba, le leqhama. Ba tla etsetsa moholwane wa hao Arone le bara ba hae diaparo tse halalelang, tseo ba tla di apara ha ba ntshebeletsa e le baprista.


“Arone o tla tjhesetsa mokubetso o nkgang hamonate hodima aletare; a o tjhese hoseng ho hong le ho hong ha a lokisa mabone.


Mantsiboya ha Arone a hotetsa mabone, o tla nne a tjhesetsa Morena mokubetso ona, mme hona ho etswe kamehla, ho ya fihla melokong yohle e tlang.


Dijo tsa nyehelo tse setseng ke tsa Arone le bara ba hae; ke nyehelo ya setjheso, e halalelang ka ho fetisisa, e etsetswang Morena.


Phofo ya nyehelo e setseng ke ya Arone le bara ba hae; ke nyehelo ya setjheso, e halalelang ka ho fetisisa, ya Morena.


Se setseng, se sa lomoswang, Arone le bara ba hae ba tla se jella sebakeng se halalelang. Ba tla se jella ka seotlwaneng sa Tente ya Morena.


Sehlabelong sa hao, sa nyehelo ya teboho, o tla nea moprista serope sa tsoho le letona, e le nyehelo e akgotswang.


Mohla Morena a ba tlotsang, o ne a laele bana ba Iseraele hore ba ba fe seabo sena, mme hona ke molao wa mehla yohle, wa meloko ya bona.


a bua le Kora le balatedi ba hae, a re: “Hosasane Morena o tla bontsha eo e leng wa hae, le hore na ya halalelang ke mang, mme a mo atametse pela hae. Eo a tla mo kgetha, o tla mo atametsa pela hae.


Dinyehelo tsohle tse phahamiswang tsa dintho tse halalelang, tseo bana ba Iseraele ba nyehellang Morena ka tsona, ke o neile tsona, wena le bara ba hao, le baradi ba hao. Ena ke taelo ya mehla yohle. Ke selekane sa letswai sa mehla yohle kapele ho Morena, ho wena le ho ditloholo tsa hao.”


Ahiya, mora wa Ahitube, ngwanabo Ikabode, mora wa Finease ya tswalwang ke Eli, moprista wa Morena, wa Shilo, o ne a apere setipe. Banna ba ne ba sa tsebe hore Jonathane o se a tsamaile.


Empa Samuele a sebeletsa Morena, ho tloha boshanyaneng ba hae. O ne a itlama ka setipe se entsweng ka lesela la lene.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos