Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 2:29 - BIBELE

29 Jwale ke ka baka lang ha o hlompholla sehlabelo sa ka, le nyehelo ya ka, eo ke laetseng hore e etswe ka leahong la ka; ebe o tlotla bara ba hao ho mpheta, hore o inontshe ka tse monatenate tsa dinyehelo tsohle tsa Baiseraele, e leng setjhaba sa ka?’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Le hatakeletseng ka maoto mahlabelo a ka le diabelo tsa ka, tseo ke di laetseng tlung ya ka? O hlomphile bara ba hao ho fetisa nna, le tle le inontshe ka tse kgolo tsa dineo tsohle, tseo setjhaba sa ka sa Iseraele se ananelang ka tsona.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 2:29
22 Referencias Cruzadas  

Empa ka selemo sa mashome a mabedi a metso e meraro sa puso ya kgosi Jowashe, baprista ba ne ba eso ka ba thiba mapatso a Tempele ya Morena.


Morena, ke rata ntlo eo o ahileng ho yona, e leng sebaka seo tlotla ya hao e dulang ho sona.


Na le tla ntlontlolla setjhabeng sa ka hore le tle le kgaketswe harese, le fuwe le dithathana tsa bohobe, ebe le bolaya meya e neng e sa lokela ho shwa, le phedisa e neng e lokela ho shwa, ka ho thetsa setjhaba sa ka se utlwang mashano aa a lona?


Morena Modimo o bua tjena: Ke tla lwantsha badisa, mohlape wa ka ke o batle ho bona, ke be ke ba tlose bodiseng ba wona, e le hore ba tle ba se hlole ba iphepa ba le bang. Ke tla ntsha mohlape wa ka hanong la bona, ba se hlole ba iphepa ka wona.’ ”


“Wena ngwana motho, porofetela badisa ba Iseraele; ba porofetele, o re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena ho badisa: Ho madimabe badisa ba Iseraele ba iphepang ba le bang! Na badisa ha ba tshwanele ho fepa mohlape?


Ba ruiswa ke sebe sa tjhaba sa ka, ba thabela ha se etsa bokgopo.


“ ‘O se ke wa ahlola ka leeme. Ha o ahlola o se ke wa sekamela ka ho mofutsana, kapa wa tlotla ya phahameng; o ahlole mohaeno ka toka.


Morena o bua tjena: “Baporofeta bana tjhaba sa ka ba a se kgelosa, ba re ‘kgotso’ ho motho ya ntshang diphomoso, ba lwane ya kgumamela le ya se nang tsona.”


“Ya ratang ntatae kapa mmae ho mpheta ha a ntokele; ya ratang mora kapa moradi ho mpheta ha a ntokele,


Ba roma barutuwa ba bona ba ena le balatedi ba Heroda, mme ba re: “Moruti, re a tseba hore o motho wa nnete, mme o ruta tsela ya Modimo kannete, ha o natse motho, hobane ha o ye ka tshobotsi.


“Ha mang kapa mang a etla ho nna, mme a sa hloye ntatae, le mmae, le mosadi, le bana, le bana babo, le kgaitsedie, le bona bophelo ba hae, e ke ke ya eba morutuwa wa ka.


hobane ba jwalo ha ba sebeletse Morena wa rona Kreste, empa ba sebeletsa dimpa tsa bona. Ka dipuo tse monate, tse qekang, ba thetsa dipelo tsa ba se nang bobe.


Ha ho le jwalo, ha re sa tseba mang kapa mang ka mokgwa wa botho. Le haeba re ile ra tseba Kreste ka mokgwa wa botho, kajeno ha re sa mo tseba jwalo.


“Jakobo a ja, a kgora, Jeshurune a nona, a ba a penya, a lahla Modimo e le Mmopi wa hae, a nyedisa Fika le mo pholositse.


A bua ka mmae le ntatae, a re: “Ha ke eso mmone le ho mmona!” Esita le bana babo a ba latola, le bana ba hae a se ke a ba tseba. Ba hlokometse lentswe la hao, selekane sa hao ba se boloka.


Empa bohlale bo tswang hodimo, pele ho tsohle, bo hlwekile; hape bo na le kgotso le mosa, bo bonolo, bo tletse lereko le ditholwana tse molemo; ha bo na leeme, ha bo iketsise.


Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa phuthehela Shilo, mme sa hloma Tente ya Morena hona moo, hobane se ne se se se hapile naha eo.


Ke mmoleletse hore kahlolo ya ntlo ya hae e tla ba ya mehla yohle, ka baka la bokgopo ba yona, hobane o tsebile hore bana ba hae ba itliseditse thohako, empa ha a ka a ba kgalemela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos