Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 3:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ke kahoo ke anetseng ntlo ya Eli, ka re: Bokgopo ba ntlo ya Eli ha bo ka ke ba hlatsuwa ka mahlabelo, leha e le ka nyehelo, le ka mohla o le mong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Ka baka leo, ke hlapanyeditse ntlo ya Eli hore bokgopo ba ntlo ena ya hae bo ke ke ba lefellwa ka sehlabelo kapa nyehelo kamehla yohle.”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 3:14
10 Referencias Cruzadas  

hobane ha o rate mahlabelo; hola ha ho jwalo, nka be ke a ntshitse; le ditjheso ha o kgahliswe ke tsona.


Jehova wa makgotla o nnyenyeleditse ditsebeng, a re: Tjhe, sebe sena le ke ke la se tshwarelwa, le tla be le shwe; ho itsalo Morena, Jehova wa makgotla.


Empa Jehova a re ho nna: Le hoja Moshe le Samuele ba ka ema pela ka, pelo ya ka e be e ke ke ya hauhela setjhaba sena. O tlo o se leleke pela ka, se tlohe.


Haele wena, o se ke wa rapella setjhaba sena, o se ke wa phahamisa mohoo leha e le thapelo bakeng sa bona, o se ke wa ntiisetsa matla, hobane ha ke na ho o utlwa.


Bohlola bo teng ditshileng tsa hao, athe ke o hlatswitse, mme leha ho le jwalo, ha o a hlweka; ha o sa tla hlakolelwa ditshila tsa hao, ho fihlela ke kgodisa kgalefo ya ka ka wena.


Le tla kgaohanya jwalo bana ba Iseraele le tseo ba itshelang sesila ka tsona, hore ba se ke ba shwela ditshileng tsa bona, ka ho silafatsa tente ya ka ya pokano e hara bona.


Ha motho e mong a sitelwa e mong, Modimo o tla mo ahlola; empa ha motho a sitelwa Jehova, o tla rapellwa ke mang? Leha ho le jwalo, ba se ke ba utlwa lentswe la ntata bona, hobane Jehova o ne a se a hopotse ho ba timetsa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos