Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Moeklesia 3:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 nako e teng ya ho bolaya, e teng nako le ya ho fodisa; nako e teng ya ho qhaqholla, e teng nako le ya ho haha;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 nako ya ho bolaya le nako ya ho fodisa, nako ya ho heletsa le nako ya ho haha;

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 3:3
21 Referencias Cruzadas  

Ya tshollang madi a motho, le madi a hae a tla tshollwa ke motho; hobane Modimo o entse motho ka setshwantsho sa wona.


Esale nna ke tiisang lentswe la mohlanka wa ka, ke etsahatsang ditaba tsa ba romilweng ke nna, ke bolelang hore Jerusalema o tla hahuwa, le hore metse ya Juda e tla boela e hahuwe, mme ke tla tsosa dithako tsa yona;


Nontsha pelo tsa batho bao, o thatafatse ditsebe tsa bona, o ba pompatse mahlo, hore ba se bone ka mahlo, ba se utlwe ka ditsebe, dipelo tsa bona di se elellwe, ba se ke ba baka, ba fola.


Shadima, tsatsing lona lena ke o laeletsa ditjhaba le mebuso ho epolla le ho qhaqha, ho senya le ho ripitla, ho haha le ho hloma.


Jwalokaha nkile ka ba lebela ho epolla, le ho qhaqha, le ho ripitla, le ho senya, le ho ba etsa hampe, le hona ke tla ba lebela ho haha, le ho hloma, ho bolela Jehova.


Bona, ke tla o tlamella, ke o oke; ke tla ba fodisa, ke ba nee nala ya kgotso le ya boiketlo;


O tle o mmolelle, o re: Ho itswe ke Jehova: Bona, seo ke se hahileng ke ya se ripitla, seo ke se hlomileng ke tla se epolla; ho tla ba jwalo le lefatshe lena kaofela.


Ke tla heletsa lerako leo le le ditseng ka seretse, ke le rapalatse fatshe, metheo ya lona e apolwe; le tla wa, mme lona le tla timeletswa kaofela hammoho le lona, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Setjhaba sena se re: Nako ha e eso ho tle; hase nako eo ntlo ya Jehova e ka hahuwang ka yona! ...


Hleka ho lona ke nako ya ho dula matlung a lona a manehilweng ka dipolanka, athe ntlo ena ke lesupi?


Yaba lengeloi la Jehova le ahlamisa molomo wa lona, la re: Jehova wa makgotla, o tla lesela ho le hokae ho hauhela Jerusalema le metse ya Juda eo o e halefetseng ka dilemo tsena tse mashome a supileng na?


Tadimang jwale hobane ke nna, e, ke nna feela, mme ha ho modimo o mong, haese nna; ke a bolaya, mme ke a phedisa; ke etsa leqeba, mme ke a le fodisa; ha ho motho ya ka o namolelang letsohong la ka.


Ha motho e mong a sitelwa e mong, Modimo o tla mo ahlola; empa ha motho a sitelwa Jehova, o tla rapellwa ke mang? Leha ho le jwalo, ba se ke ba utlwa lentswe la ntata bona, hobane Jehova o ne a se a hopotse ho ba timetsa.


Jehova o a timetsa, mme o a pholosa, o theosetsa lebitleng, mme o nyolla teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos