Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 38:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Seo a neng a se etsa, sa eba sebe mahlong a Jehova, mme a mmolaya le yena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Seo a ileng a se etsa sa eba sebe mahlong a Morena, mme le yena Morena a mmolaya. Yaba Juda o re ho Tamare, ngwetsi ya hae:

Ver Capítulo Copiar




Genese 38:10
13 Referencias Cruzadas  

Bara ba Juda: Ere, le Onane, le Shela, le Peretse, le Sera. Empa Ere le Onane ba ne ba shwele naheng ya Kanana. Bara ba Peretse e ne e le Hetsrone, le Hamule.


Hobane a role thapo, Davida a romela ho mo nkela ha hae, ya eba mosadi wa hae, a ba a mo tswalla moshemane. Empa taba ena, e entsweng ke Davida, ya eba mpe mahlong a Jehova.


A howeletsa ho Jehova, a re: Oho, Jehova, Modimo wa ka, ho ya kang, ha o hlahiseditse mosadi enwa wa mohlolohadi, eo ke dulang ha hae, kotsi, ka ho bolaya mora hae?


Bara ba Juda ke Ere, Onane, le Shela; bao ba bararo a tswallwa bona ke moradi wa Shua, Mokanana. Ere, letsibolo la Juda, ya eba motho e mobe pela Jehova; yaba Jehova o a mmolaya.


Taba eo ya eba mpe mahlong a Modimo, mme a otla Iseraele.


Moetsadibe o kgoholwa ke bobe ba hae; empa motho ya lokileng o na le tshepo le lefung.


esere mohlomong Jehova a bona hoo, a ho fumana ho le hobe, mme a kgaotsa bohale ho yena.


Nkile ka nna ka le romela bahlanka ba ka kaofela, e leng baporofeta, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, ke ba roma ka ho re: Le se ke la etsa ntho eo e manyala, eo ke e hloileng.


Haggai, lenqosa la Jehova, a bua le setjhaba ka taelo ya Jehova, a re: Ke na le lona, ho bolela Jehova.


Setjhaba sa korotla, mme ha eba hobe ditsebeng tsa Jehova; Jehova a utlwa, mme kgalefo ya hae ya tuka; mollo wa Jehova wa tuka hara bona, wa qeta karolo ya diahelo e kamorao.


Balaame a re ho lengeloi la Jehova: Ke sitilwe kahobane ke ne ke sa tsebe hoba o eme pela ka tseleng; mme jwale, ha o nnyatsa, ke tla kgutla.


Bara ba Juda ke Ere le Onane; empa Ere le Onane ba eshwa fatsheng la Kanana.


Ha motho e mong a sitelwa e mong, Modimo o tla mo ahlola; empa ha motho a sitelwa Jehova, o tla rapellwa ke mang? Leha ho le jwalo, ba se ke ba utlwa lentswe la ntata bona, hobane Jehova o ne a se a hopotse ho ba timetsa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos