Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 38:10 - BIBELE

10 Seo a ileng a se etsa sa eba sebe mahlong a Morena, mme le yena Morena a mmolaya. Yaba Juda o re ho Tamare, ngwetsi ya hae:

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Seo a neng a se etsa, sa eba sebe mahlong a Jehova, mme a mmolaya le yena.

Ver Capítulo Copiar




Genese 38:10
13 Referencias Cruzadas  

Bara ba Juda: Ere, le Onane, le Shela, le Perese, le Sera. Ere le Onane ba ile ba shwela naheng ya Kanana. Bara ba Perese e ne e le Heserone le Hamule.


Ha nako ya bofifi ba hae e se e fetile, Davida a romela maqosa ho lata Batesheba, mme a mo isa tlung ya hae, ya eba mosadi wa hae. A tswalla Davida mora. Empa ntho ena eo Davida a neng a e entse ya se ke ya kgahla Morena.


Elia a ipiletsa ho Morena, a re: “Morena Modimo wa ka, na u fela o otlile le mohlolohadi eo ya nthotseng, ka ho bolaya moshanyana wa hae?”


Bana ke bara ba Juda: Ere, le Onane, le Shela. Bana ba bararo o ile a ba tswallwa ke moradi wa Shua wa Mokanana. Ere, letsibolo la hae, o ne a le kgopo mahlong a Morena, mme Morena a mmolaya.


Ketso ena ya Davida ya se ke ya kgahla Modimo, mme ka baka leo, a otla Baiseraele.


Ya kgopo o fediswa ke bokgopo ba hae, ya lokileng o na le letshepa, esita le lefung la hae.


esere Morena a bona, mme a nyatsa, a kgelosa kgalefo ya hae ho sona.


Leha ho le jwalo ke nnile ka romela bahlanka ba ka bohle, e leng baporofeta, ka makgetlokgetlo, ka re: ‘Oho, se etseng manyala ana ao ke a hloileng!’


Jwale Hagai, leqosa la Morena, a phatlalletsa setjhaba molaetsa wa Morena, a re: “Ke na le lona,” ho rialo Morena.


Setjhaba sa korotla haholo moo Morena a ntseng a utlwa. Ha Morena a utlwa, bohale ba hae ba tlokoma, mollo wa Morena wa se laimela, wa tjhesa meedi ya diahelo lore!


Bileame a re ho lengeloi la Morena: “Ke sitilwe, hobane ke ne ke sa tsebe hore o nthibetse tsela. Haeba o nkgalefetse nka mpa ka kgutla.”


Bara ba Juda ke Ere le Onane. Ere le Onane ba ile ba shwela naheng ya Kanana.


Ha motho a sitelwa motho e mong, Modimo o tla mo ahlola, empa haeba motho a ka sitelwa Morena, ke mang ya tla mmuella?” Leha ho le jwalo ba se ke ba mamela ntata bona, hobane Morena o ne a rerile ho ba bolaya.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios