Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




BaHebheru 10:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Hobane ekare ha re etsa sebe ka boomo, ha re se re filwe tsebo ya nnete, ha ho sa le sehlabelo se seng sa dibe;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Ha re etsa dibe ka boomo, empa re se re fumane tsebo ya nnete, ha ho sa na sehlabelo se ka tlosang dibe tseo;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

26 Hobane ha re etsa sebe ka boomo, re se re fumane tsebo ya nnete, ha ho sa na sehlabelo sa dibe;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Hobane ha re etsa sebe ka boomo, re se re fumane tsebo ya nnete, ha ho sa na sehlabelo sa dibe;

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 10:26
20 Referencias Cruzadas  

Ha ekaba ke phutheho ya Iseraele kaofela e wetseng sebeng ka ho se tsebe le ka ho se lemohe, e tlotse o mong wa melao ya Jehova, ka ho etsa tse sa tshwanelang ho etswa, mme ho entswe molato:


Bolella bana ba Iseraele, o re: Etlare ha motho a tlotse ka ho se tsebe o mong wa melao ya Jehova, ka ho etsa se sa tshwanelang ho etswa:


Mohlanka ya tsebileng thato ya morena wa hae, mme a sa ka a lokisa letho, le ho etsa thato ya morena wa hae, o tla otlwa haholo.


Ekare ha le tseba taba tseo, le lehlohonolo ha le di etsa.


Hojane le difofu, le ka be le se na sebe; empa jwale le re: Re a bona; sebe sa lona se sala ke hona.


Haele motho ya etsang ka boikgohomoso, ya hanang ho utlwa moprista ya emeng hona teng ho sebeletsa Jehova, Modimo wa hao, kapa moahlodi, motho eo a shwe, mme o tlose bobe Iseraeleng.


le ka thetso yohle ya bokgopo ho ba timelang; hobane ha ba ka ba amohela lerato la ho rata nnete, ba tle ba bolokehe.


nna, eo ke neng ke le monyefodi pele, le mohlorisi, le morori; empa ke rekolohetswe, hobane ke ne ke etsa tseo ke ho se tsebe, ke sa le ho se dumeleng.


o ratang hoba batho bohle ba bolokehe, mme ba fihle tsebong ya nnete.


Efela ya tsebang ho etsa botle, mme a sa bo etse, yena o etsa sebe.


Ha motho a bona ngwanabo a etsa sebe se sa iseng lefung, a ke a mo rapelle, mme Modimo o tla mo nea bophelo bakeng sa ba etsang sebe se sa iseng lefung. Sebe se teng se isang lefung; hase bakeng sa sona ke reng, ho rapelwe.


Ha motho e mong a sitelwa e mong, Modimo o tla mo ahlola; empa ha motho a sitelwa Jehova, o tla rapellwa ke mang? Leha ho le jwalo, ba se ke ba utlwa lentswe la ntata bona, hobane Jehova o ne a se a hopotse ho ba timetsa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos