O teng e mong ya iketsang morui, athe ha a na le letho; e mong o iketsa mofumanehi, athe o ruile haholo.
1 Bakorinthe 4:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le se le kgotshe, le se le enne, le se le busitse kantle ho rona; hoja le ka fela la busa, le rona re tle re buse hammoho le lona! BIBELE Le se le ena le tsohle! Le se le ruile! Le renne le le bang! Hoja le fela le rena, le rona re tle re rene le lona! Baasraak Sotho NT Jwale le kgotshe, jwale le ruile, le busitse le le marena kantle ho rona; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale le kgotshe, jwale le ruile, le busitse le le marena kantle ho rona; |
O teng e mong ya iketsang morui, athe ha a na le letho; e mong o iketsa mofumanehi, athe o ruile haholo.
moporofeta Jeremia a re: A ho be jwalo! Jehova a ke a etse jwalo! Jehova a ke a etsahatse lentswe la hao leo o le porofetileng bakeng sa ho busetsa nqalong ena mafiso a ntlo ya Jehova, le bohle ba leng kgolehong Babilona!
Moshe a re: Na o a mpoulella na? O! hoja setjhaba kaofela sa Jehova se ka fela sa porofeta, mme Jehova a bea moya wa hae hodima bona!
Jesu, ha a bona matshwele, a nyolohela thabeng; mme hobane a dule, barutuwa ba hae ba mo atamela.
Ho madimabe lona ba kgotsheng jwale, hobane le tla lapa. Ho madimabe lona ba tshehang jwale, hobane le tla lla, le be le bokolle.
Pauluse a re: Hoja Modimo o ka etsa, kapa haufi, kapa kgale, hore, e seng wena feela, empa le bohle ba mmamelang kajeno, le be jwaloka nna, feela e seng ka ditlamo tsena.
Hobane ka mohau oo ke o neilweng, ke bolella motho e mong le e mong hara lona, hore a se ke a itekanya boholo bo tlodisang moo a tshwanetseng ho lekanya teng; a mpe a ikgopole ka se mo lekaneng, e mong le e mong ka tekanyo ya tumelo eo Modimo o mo abetseng yona.
Hobane le filwe ho yena monono dinthong tsohle, monono wa mantswe wohle le wa tsebo yohle;
Ha le na tokelo ya ho ithorisa! Na ha le tsebe hoba tomoso e nyenyane e hohomosa hlama kaofela na?
Re thaba ha rona re fokola, le lona ha le le matla; mme seo re se eletsang, ke phetheho ya lona.
Feela, le itsamaeleng ka mokgwa o tshwanelang Evangeli ya Kreste; hore leha, nka tla, ka le bona, leha nka ba siyo, ke nne ke utlwe taba tsa lona tsa hore le ntse le eme moyeng o le mong le pelong e le nngwe, le ntse le lwanela hammoho tumelo ya Evangeli,
Baratuwa ba ka, jwalokaha le bile le kutlo kamehla, le fele le sebetse polokeho ya lona ka tshabo le ka thothomelo, e seng feela ha ke le ho lona, empa haholoholo leha ke le siyo;
Erekaha o re: Ke morui, ke mononi, mme ha ke hloke letho; athe ha o tsebe hobane o soto, o madimabe, o mofutsana, o sefofu, o feela;