Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 4:8 - BIBELE

8 Le se le ena le tsohle! Le se le ruile! Le renne le le bang! Hoja le fela le rena, le rona re tle re rene le lona!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Le se le kgotshe, le se le enne, le se le busitse kantle ho rona; hoja le ka fela la busa, le rona re tle re buse hammoho le lona!

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Jwale le kgotshe, jwale le ruile, le busitse le le marena kantle ho rona;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Jwale le kgotshe, jwale le ruile, le busitse le le marena kantle ho rona;

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 4:8
27 Referencias Cruzadas  

E mong o iketsa morui, a se na letho, e mong a iketse mofutsana, a hafa ka nkatana.


Motho ya ithorisang ka dimpho tsa molomo, o jwaloka maru le moya o se nang pula.


Ho madimabe ba reng ba bohlale, bona ba iponang ba le masene.


Moporofeta Jeremia a re: “A ho be jwalo! Morena a ke a etse jwalo! Morena a phethahatse mantswe a hao, ao o a porofetileng; a ke a kgutlise thepa ya Tempele ya Morena, le bohle ba ileng ba thopuwa, ba kgutle Babilona, ba tle kwano.


Empa Moshe a re ho yena: “Na o ntjhwela mona? Eka batho bohle ba Morena e ka be e le baporofeta, Morena a theolele Moya wa hae hodima bona.”


Yare ha Jesu a bona matshwele, a nyolohela thabeng, mme hoba a dule, barutuwa ba hae ba tla ho yena;


Ho madimabe lona ba kgotsheng jwale, hobane le tla lapa. Ho madimabe lona ba tshehang jwale, hobane le tla hlomoha, le lle.


Paulosi a re: “Leha e ka ba habonolo kapa hathata, ke rapela Modimo hore e se be wena feela, empa le bohle ba nkutlwang kajeno ba be seo ke leng sona, re fapane feela ka mahlaahlela ana.”


Ka baka la neo ya mohau eo ke e neilweng, ke bolella e mong le e mong wa lona hore a se ke a ikgopola ho feta tekanyo, a mpe a inahane ka mokgwa o lekaneng, ho ya kamoo Modimo a lekanyeditseng e mong le e mong tumelo ya hae kateng.


hobane ka yena le ruisitswe ka mekgwa yohle, dipolelong tsohle le tsebong yohle.


Ba bang ba ikgohomosa jwalokaha e ka ha ke sa tla le etela.


Boithoriso ba lona ha bo a loka. Na ha le tsebe hore tomoso e seng kae e lomosa hlama kaofela?


Hoja la ka la mamella bothotonyana ba ka! Etsang jwalo hle!


Re thabile ha rona re fokola, empa lona le le matla. Hape, seo re se rapellang ke hore le phethehe.


Ha motho a ikgopola hore ke letho, empa e se letho, o a ithetsa.


Feela le ke le phele ka mokgwa o tshwanelang molaetsa o molemo wa Kreste, e le hore, leha nka tla ho le bona kapa ka sitwa, ke nne ke utlwe hore le ntse le tiile, le moyamong, mme ka maikutlo a le mang le lwanela tumelo e hlahiswang ke molaetsa o molemo.


Ka baka leo, baratuwa, le lona le mamele jwaloka kamehla. Etsang jwalo, e seng feela ha ke le teng, empa haholoholo kajeno ha ke le siyo. Sebeletsang pholoho ya lona ka tshabo le ka thothomelo,


“O re: ‘Ke morui, ke ruile, ha ke hloke letho;’ empa ha o tsebe hore o soto, o madimabe, o futsanehile, o foufetse, mme o feela.


O ba entse mmuso le baprista ba tla sebeletsa Modimo wa rona, mme ba buse lefatshe.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos