Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 5:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ho madimabe ba ipeileng bohlale mahlong a bona, ba itshepetseng kelello ya bona!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Ho madimabe ba reng ba bohlale, bona ba iponang ba le masene.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 5:21
13 Referencias Cruzadas  

Empa motho ya se nang kutlwisiso, o sitwa ho fihlela kelello, o hlahile jwaloka petsana ya pitsi.


Ana o bone motho ya iponang bohlale? Lehlanya le tshepisa ho fetisa eo.


Sekgoba se ipona bohlale ho fetisa ba supileng ba arabang ka masene.


O se ke wa ipona bohlale. Tshaba Jehova, o sesefe bobe.


Hobane o itse: Ke entse hoo ka matla a letsoho la ka le ka bohlale ba ka, etswe ke hlalefile, ke suthisitse meedi ya ditjhaba, ke ikgapetse matlotlo a tsona, mme jwaloka mohale ke rapaladitse ba dutseng diteroneng.


O nyedisitse mang, mme o nyefotse mang? O phahamiseditse mang lentswe la hao? O emiseditse mang mahlo a hao hodimo? O nyedisitse Mohalaledi wa Iseraele!


Ke yena ya etsang mahosana ntho ya lefeela, ya etsang baahlodi ba lefatshe ntho ya bosawana.


O itshepetse bolotsana ba hao; o ne o re: Ha ke bonwe ke motho. Bohlale le tsebo ya hao ke tsona tse o thetsitseng, mme o itse pelong ya hao: Ke nna, ha ho e mong haese nna.


Hojane le difofu, le ka be le se na sebe; empa jwale le re: Re a bona; sebe sa lona se sala ke hona.


Ba ntse ba re ba bohlale, ba fetohile mahlanya.


Hobane, banabeso, ha ke rate hore le se ke la tseba sephiri sena, le tle le se ke la ipona le le bohlale: ke ho re, ho thatafala ho hlahetse Baiseraele ka nqa e nngwe, ho tlala ha baditjhaba ho be ho kene.


Kgomarelanang hammoho ka pelo e le nngwe; le se ke la lakatsa tse phahameng, le mpe le ipapise le tse nyenyane. Le se ke la ipona bohlale.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos