hobane kgosi eo e re: “Hona ke ho entse ka matla a matsoho a ka, le ka bohlale ba ka, hobane ke na le kutlwisiso; ke ile ka suthisa meedi ya ditjhaba, ka hapa le matlotlo a tsona; jwaloka ya matla ka kokobetsa baahi ba tsona.
“O ile wa thepa bokgopo ba hao, wa ba wa re: ‘Ha ho ya mponang!’ Wa kgeloswa ke bohlale le tsebo ya hao, ka pelong ya hao wa ithetsa, wa re: ‘Ho re nna feela, ha ho pohopedi ntle ho nna!’
Bana beso, ho na le sephiri seo ke sa rateng hore le hloke tsebo ya sona, esere la ipona le le bohlale: e leng hore karolo e itseng ya setjhaba sa Iseraele e tla thatafala ho fihlela ha ho kene palo e lekaneng ya baditjhaba.