Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 5:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jesu, ha a bona matshwele, a nyolohela thabeng; mme hobane a dule, barutuwa ba hae ba mo atamela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Yare ha Jesu a bona matshwele, a nyolohela thabeng, mme hoba a dule, barutuwa ba hae ba tla ho yena;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Yare ha a bona matshwele, a nyolohela thabeng; mme ha a dutse, barutuwa ba hae ba tla ho yena.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Yare ha a bona matshwele, a nyolohela thabeng; mme ha a dutse, barutuwa ba hae ba tla ho yena.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 5:1
16 Referencias Cruzadas  

Yaba matshwele a maholo a phuthehela ho yena, mme Jesu a kena sekepaneng, a dula teng; bongata bohle ba ema lebopong.


Jesu a tloha teng, a atamela lewatle la Galelea, mme eitse hobane a nyolohele thabeng, a dula teng.


Mme matshwele a maholo a tswang Galelea, le Dekapolise, le Jerusalema, le Judea, le mose wane wa Jordane, a mo latela.


Yaba o ahlamisa molomo wa hae, a ba ruta, a re:


Yaba o nyolohela thabeng, a ipiletsa bao a ba ratang, mme ba tla ho yena.


Ba ntoo ya tlung, mme bongata ba boela ba bokana teng, Jesu le barutuwa ba hae ba ba ba sitwa le ho ja bohobe.


Jesu a boela a qala ho ruta pela lewatle, mme bongata bo boholo ba bokana ho yena; yaba o kena ka sekepaneng, a dula ho sona lewatleng; haele batho bohle, ba dula fatshe, lebopong la lewatle.


Matsatsing ao, a tswela thabeng ho rapela, mme a qeta bosiu a ntse a rapela Modimo.


Ha a theohile le bona, a ema lehwatateng le bongata ba barutuwa ba hae, le batho ba bangata ba setjhaba ba tswang Judea yohle, le Jerusalema, le mathokong a lewatle la Tire le Sidone, ba neng ba tlile ho mo utlwa le ho fodiswa malwetse a bona;


Yaba o emisa mahlo, a tadima barutuwa ba hae, a re: Ho lehlohonolo lona bafumanehi, hobane mmuso wa Modimo ke wa lona.


Kamora taba tseo, hobane ho fete matsatsi a batlang ho roba meno e le mmedi, Jesu a ya le Petrose, le Johanne, le Jakobo, a nyolohela thabeng ho rapela.


Jesu ha a tseba hobane ba se ba ya mo nka ka matla ba tle ba mmee morena, a boela a ya thabeng a notshi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos