Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 13:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Re thaba ha rona re fokola, le lona ha le le matla; mme seo re se eletsang, ke phetheho ya lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Re thabile ha rona re fokola, empa lona le le matla. Hape, seo re se rapellang ke hore le phethehe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Hobane re a thaba, ha rona re fokola, mme lona le le matla;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Hobane re a thaba, ha rona re fokola, mme lona le le matla;

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 13:9
21 Referencias Cruzadas  

Motho ka mong ho rona a kgahlise ngwanabo ka ho mmatlela se molemo ho yena, se ka mo hahisang.


Ke a le rapela, banabeso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, ke re: Le ke le bolele bohle taba e le nngwe; dikgaohano di se ke tsa eba teng hara lona, le mpe le phethehe boikutlong bo le bong le kgopolong e le nngwe.


Le nna ke bile hara lona ka mefokolo, le tshabo, le thothomelo e kgolo.


Rona, re mahlanya ka baka la Kreste, empa lona, le bohlale ho Kreste; rona re a fokola, empa lona le matla; lona, le a bokwa, empa rona, re a kgeswa.


Ha ho ka thwe, ho ke ho ithoriswe, nna ke tla ithorisa ka tsa ho fokola ha ka!


Ha ke qetella, banabeso, ke re: Ithabeleng, le phethehe, le tshedisane, le be le kgopolo e le nngwe, le dule ka kgotso; mme Modimo wa lerato le wa kgotso o tla ba le lona.


Hobane leha a kile a thakgiswa sefapanong ka phokolo, o phela ke matla a Modimo; mme le rona re fokoletse ho yena, empa re tla phela le yena, ka matla a Modimo a sebetsang ho lona.


Kahoo, lefu le sebetsa ka ho rona, empa bophelo bo sebetsa ka ho lona.


Jwale, baratuwa, ha re ena le dipallo tseo, a re ke re itlhatsweng ditshila tsohle tsa nama le tsa moya, re ntse re phetha kgalalelo ya rona ka ho tshaba Modimo.


Ke yena eo re mmolelang, re ntse re tsosa batho bohle, mme re ruta batho bohle bohlale bohle, re tle re hlahise batho bohle pela Modimo, e le baphethehi ka ho Jesu Kreste.


Epafrase wa ha heno, mohlanka wa Kreste, o a le dumedisa; o ntse a le lwanela kamehla merapelong ya hae, hore le ke le eme le phethehile, mme le kgodise ka ho etsa ho rata hohle ha Modimo.


Re ntse re o rapela motshehare le bosiu ka ho fetisisa, hore re ke re tsebe ho bona difahleho tsa lona le ho ekeletsa tumelo ya lona ka seo e haellwang ke sona.


motho wa Modimo a tle a phethehe, mme a rutehele ruri mesebetsing yohle e molemo.


phuthehong le kerekeng ya matsibolo a ngodilweng mahodimong, ho Modimo, moahlodi wa bohle, ho meya ya ba lokileng ba setseng ba phethehile,


o ke o le bopele mesebetsi yohle e metle, le tle le etse thato ya wona, mme le wona o etse ka ho lona se o kgahlisang ka Jesu Kreste, eo re reng: Kganya e be ho yena ka ho sa feleng! Amen!


Ka baka leo, a re feteng ditaba tsa thuto ya Kreste tseo ho qalwang ka tsona, mme re feteleng ho tsa kgolo e tletseng, re se boele ra thea motheo wa ho baka mesebetsing e shweleng le wa tumelo ho Modimo,


Empa Modimo wa mehauhelo yohle, o re bileditseng ka Jesu Kreste ho rua kganya ya wona e sa feleng, ha le se le utlwile bohloko ka ditshiuana, o tla le etsa ba phethehileng, o le tiise, o le fe matla, o le thee.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos