Le tla isoa pela babusisi le marena ka baka la ka, hore e be bopaki ho bona le ho Baditjhaba.
Mattheu 8:4 - Baasraak Sotho NT Jesu a re ho yena: Bona, o se ke wa bolella motho; o mpe o tsamaye, o ipontshe ho moprista, mme o hlahise neo e laetsweng ke Moshe, e tle e be bopaki ho bona. Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a re ho yena: O iponele, o se ke wa bolella motho; o mpe o ye, o ipontshe ho moprista, mme o hlahise mpho e laetsweng ke Moshe, e tle e be bopaki ho bona. BIBELE Jesu a re ho yena: “Hlokomela o se bolelle motho, o mpe o yo itlhahisa ho moprista, o ntshe nyehelo e laetsweng ke Moshe, hore e be bopaki ho bona.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a re ho yena: Bona, o se ke wa bolella motho; o mpe o tsamaye, o ipontshe ho moprista, mme o hlahise neo e laetsweng ke Moshe, e tle e be bopaki ho bona. |
Le tla isoa pela babusisi le marena ka baka la ka, hore e be bopaki ho bona le ho Baditjhaba.
Eitse ha ba theoha thabeng, Jesu a ba laela, a re: Le se ke la bolella motho pono eo, Mora Motho a eso ho tsohe bafung.
Jesu a araba, a re ho yena: “Lesa ho be jwalo jwale, hobane e ka kgona re phethe jwalo ho loka hohle. Yaba o mo dumella.
Iponeleng, le tle le se ke la etsa ho loka ha lona pela batho, hore le bonwe ke bona; ho seng jwalo, ha le na moputso ho Ntata lona ya mahodimong.
Mahlo a bona a tutuboloha; mme Jesu a ba laela haholo, a re: Iponeleng, hore ho se ke ha tsejwa ke motho.
Empa le iponele, hobane ba tla nehelana ka lona makgotleng; le tla otlwa ka matlung a thapelo, mme le tla iswa pela babusi le marena ka baka la ka, e be bopaki ho bona.
Mang le mang ya sa le amoheleng, leha e le ho le utlwa, mohla le tlohang teng, le hlohlore lerole le katlasa maoto a lona, e be bopaki ho bona. Kannete ke re ho lona: Ho tla ba bonolo ho Sodoma le Gomora ka letsatsi la kahlolo ho feta motse oo.
Eitse ha ba theoha thabeng, a ba laela hore ba se ke ba bolella motho tseo ba di boneng, ho fihlela Mora motho a tsohile bafung.
Yare ha a ba bona, a re ho bona: Eyang, le itlhahise ho baprista. Ya re ba ntse ba tsamaya, ba ntlafala.
Le bona batemona ba tswa ho ba bangata, ba howa, ba re: O Mora wa Modimo. Mme a di kgalemela, a se ke a di dumella ho bua, kahobane di ne di tseba hobane ke Kreste.
A mo laela hore a se ke a bolella motho, a mpe a ye, o ipontshe ho moprista, mme o nyehele tlhwekiso ya hao, kamoo Moshe a laetseng kateng, e be bopaki ho bona.
Batswadi ba hae ba hlollwa, empa a ba laela hore ba se ke ba bolella motho se etsahetseng.