Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 8:4 - BIBELE

4 Jesu a re ho yena: “Hlokomela o se bolelle motho, o mpe o yo itlhahisa ho moprista, o ntshe nyehelo e laetsweng ke Moshe, hore e be bopaki ho bona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Jesu a re ho yena: O iponele, o se ke wa bolella motho; o mpe o ye, o ipontshe ho moprista, mme o hlahise mpho e laetsweng ke Moshe, e tle e be bopaki ho bona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Jesu a re ho yena: Bona, o se ke wa bolella motho; o mpe o tsamaye, o ipontshe ho moprista, mme o hlahise neo e laetsweng ke Moshe, e tle e be bopaki ho bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Jesu a re ho yena: Bona, o se ke wa bolella motho; o mpe o tsamaye, o ipontshe ho moprista, mme o hlahise neo e laetsweng ke Moshe, e tle e be bopaki ho bona.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 8:4
31 Referencias Cruzadas  

Ho kgahlile Morena ka baka la ho loka ha hae, hore Molao wa hae o be moholo, o tlotlehe.


mme seaparong sena se entsweng ka letlalo, kapa se entsweng ka lesela la lene, kapa ka boya, kapa seaparong sefe le sefe se entsweng ka letlalo, ho ena le botalanyana kapa bofubedunyana ba lefu lena, hoo ke lefu la lepera, mme le tla bontshwa moprista.


Le tla hulelwa kapele ho babusi le mahosi ka baka la ka, hore e be bopaki ho bona le ho bahedene.


Yaba o laya barutuwa ba hae hore ba se ke ba bolella motho hore ke yena Kreste.


Yare ha ba ntse ba theoha thabeng, Jesu a ba laya, a re: “Le se ke la bolella motho ka pono ena, ho fihlela ha Mora Motho a se a tsositswe bafung.”


Jesu a mo araba, a re: “Lesa, jwale, hobane ka tsela ena re lokela ho phethahatsa hohle ho lokileng.” Johanne a dumela.


“Le se ke la nahana hore ke tlile ho fedisa Molao kapa Baporofeta; ha ke a tla ho di fedisa, ke mpa ke tlile ho di phethahatsa.


“Hlokomelang hore le se ke la etsa mesebetsi ya lona ya bodumedi pontsheng ho batho, hore ba le babatse; haeba le etsa jwalo ha le na ho ba le moputso o tswang ho Ntata lona ya mahodimong.


Yaba mahlo a tsona a a bona. Jesu a di laya, a re: “Hlokomelang, ho se be motho ya ka tsebang!”


“Ha e le lona, hlokomelang! Ba tla neelana ka lona makgotleng, le tla shapuwa matlung a thapelo, le emiswe kapela babusisi le mahosi ka baka la ka, e be bopaki ho bona.


Empa a e laya ka thata hore e se ke ya etsa hore a tsejwe.


A ba laya ka thata hore ho se be motho ya tsebang hona, yaba o re ba fe ngwanana seo a ka se jang.


Ha le etswa sebakeng sefe kapa sefe seo ba sa le amoheleng ho sona, le ho le mamela, le hlohlore lerole maotong a lona, e be bopaki bo ba qosang.”


Jesu a ba laya ho se bolelle motho, empa leha a ba laile, ba tswela pele ho phatlalatsa taba eo.


A ba laya hore ba se ke ba bolella motho ka yena.


Ha ba ntse ba theoha thabeng, Jesu a ba laya hore ba se ke ba phetela motho tseo ba di boneng, haese ha Mora Motho a se a tsohile bafung.


Ha a ba bona a re ho bona: “Eyang, le itlhahise ho baprista.” Ba re ba sa ya, ba fola, ba hlweka.


Hona ho tla etsa hore le mpake.


Le bademona ba ne ba etswa ho ba bangata, ba ntse ba howa, ba re: “O Mora wa Modimo!” Empa a ba kgalemela, a se ke a ba dumella ho bua, kaha ba ne ba tseba hore ke Kreste.


Jesu a mo laela ho se bolelle motho, a re: “O mpe o yo itlhahisa ho moprista, o nyehelle tlhwekiso ya hao kamoo Moshe a laetseng kateng, e be bopaki ho bona.”


Batswadi ba hae ba hlollwa; a mpa a ba laya ho se bolelle motho se etsahetseng.


A ba laya, mme a ba laela ho se bolelle motho hona,


“Ha ke amohele tlotla ho batho,


Ya ipolelang o ipatlela tlotla, athe ya batlang tlotla ya ya mo romileng, yena ke wa nnete, mme ho se loke ha ho yo ho yena.


Nna ha ke ipatlele tlotla; o teng ya e batlang, ya ahlolang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos