Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 4:41 - Baasraak Sotho NT

41 Le bona batemona ba tswa ho ba bangata, ba howa, ba re: O Mora wa Modimo. Mme a di kgalemela, a se ke a di dumella ho bua, kahobane di ne di tseba hobane ke Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Le batemona ba tswa ho ba bangata, ba howa, ba re: Ke wena Kreste, Mora wa Modimo. Jesu a mpa a ba kgalemela, a se ke a ba dumella ho bua, kahobane ba ne ba mo tseba hobane ke yena Kreste.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

41 Le bademona ba ne ba etswa ho ba bangata, ba ntse ba howa, ba re: “O Mora wa Modimo!” Empa a ba kgalemela, a se ke a ba dumella ho bua, kaha ba ne ba tseba hore ke Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

41 Le bona batemona ba tswa ho ba bangata, ba howa, ba re: O Mora wa Modimo. Mme a di kgalemela, a se ke a di dumella ho bua, kahobane di ne di tseba hobane ke Kreste.

Ver Capítulo Copiar




Luka 4:41
14 Referencias Cruzadas  

Empa Jesu a kgutsa. Moprista e moholo a araba, a re ho yena: Ke o hlapantsha ka Modimo o phelang, hore o re bolelle hore na o Kreste, Mora wa Modimo.


Mme moleki a tla ho yena, a re: Ha o le Mora wa Modimo, laela majwe ana hore e be bohobe.


Eitse ha e se e le mantsiboya, ha tliswa ho yena ba bangata ba nang le batemona;


Mme bonang, ba howa, ba re: Re na le taba efe le wena, Mora Modimo? A o tlile kwano ho tla re hlokofatsa pele ho nako?


Jesu a re ho yena: Bona, o se ke wa bolella motho; o mpe o tsamaye, o ipontshe ho moprista, mme o hlahise neo e laetsweng ke Moshe, e tle e be bopaki ho bona.


Jesu a se kgalemela, a re: Homola, o tswe ho yena!


Yare ha mantsiboya, letsatsi le dikela, ha tliswa ho yena bohle ba kulang, le ba nang le batemona.


A fodisa ba bangata ba kulang malwetse a mefutafuta, a leleka batemona ba bangata; mme a se ke a dumella batemona ho bua, kahobane ba ne ba mo tseba.


Le meya e ditshila, ha e mmona, e ne e itihela fatshe pela hae, e howe, e re: O Mora wa Modimo.


A ema hodima hae, a kgalemela feberu; mme a tsoha hanghang, a ba sebeletsa.


Empa tsena di ngotswe hore le tle le dumele hore Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo; le hore ka ho dumela le be le bophelo ka lebitso la hae.


O dumela hore Modimo o mong; o etsa hantle: le bona batemona ba dumela, mme ba thothomela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos