Difofu di a bona, dihlotsa di a tsamaya, balepera ba hlwekiswa, ba thibaneng ditsebe ba utlwa, bafu ba a tsoswa, mme mafutsana a bolellwa Evangeli.
Mattheu 4:23 - Baasraak Sotho NT Jesu a tsamaya le Galelea yohle, a ntse a ruta masinagogeng a bona, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle hara batho. Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a ya le Galelea yohle, a ntse a ruta masinagogeng a teng, a bolela Evangeli ea mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle e ho batho. BIBELE Jesu a tsamaya le Galelea yohle, a ntse a ruta matlung a thapelo a teng, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mmuso, a fodisa mafu le malwetse wohle setjhabeng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a tsamaya le Galelea yohle, a ntse a ruta masinagogeng a bona, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle hara batho. |
Difofu di a bona, dihlotsa di a tsamaya, balepera ba hlwekiswa, ba thibaneng ditsebe ba utlwa, bafu ba a tsoswa, mme mafutsana a bolellwa Evangeli.
E mong le e mong ha a utlwa lentswe la mmuso, mme a sa le utlwisise, e mobe o a tla, a mo hlokisa se jetsweng pelong ya hae. Enoa ke eena ea jetsoeng pel’a tsela.
Eitse ha a fihla naheng ya habo, a ruta sinagogeng ya bona, hoo ba bileng ba hlollwa, ba re: Enwa o nkile bohlale boo le mehlolo ee kae?
Yare ha Jesu a etswa, a bona letshwelehadi, a le utlwela bohloko, mme a fodisa ba kulang ba lona.
Mme Evangeli ena ya mmuso e tla bolelwa lefatsheng lohle, e be bopaki ho ditjhaba tsohle; mme e tla ba hona bofelo bo hlahang.
Jesu a ya le metse le metsana yohle, a ntse a ruta masinagogeng a bona, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle hara batho.
Eitse hobane Johanne a kenngwe teronkong, Jesu a tla Galelea, a ntse a bolela Evangeli ya mmuso wa Modimo;
Hobane o ne a fodisitse ba bangata; hoo bohle ba neng ba na le dikotsi ba neng ba mo petetsa hore ba mo ame.
Eitse ha Sabatha e se e le Sabatha, a qala ho ruta ka tlung ya thapelo; Mme bohlale boo ke bofe boo a bo neilweng, ha e le moo mehlolo e kalo e etswa ka matsoho a hae?
Ka le leng la matsatsi ao, ha a ntse a ruta batho tempeleng, a bolela Evangeli, baprista ba baholo le bangodi le baholo ba tla ho yena.
Jesu a kgutlela Galilea ka matla a Moya, mme botumo ba hae ba utlwahala le naha yohle e mathoko.
Ka tsatsi le leng, ha a ntse a ruta, ho ne ho dutse Bafarisi le Ditsebi tsa Molao, ba tswang metseng yohle ya Galelea, le Judea, le Jerusalema, mme matla a Morena a ne a le teng. teng ho ba fodisa.
A theoha le bona, a ema thoteng, le letshwele la barutuwa ba hae, le letshwelehadi la batho ba tswang Judea yohle, le Jerusalema, le lebopong la lewatle la Tire le Sidone, ba tlileng ho mo mamela, ho folisoa maloetse a bona;
Ka Sabatha e nngwe hape, a kena sinagogeng, a ruta; mme ho ne ho le teng monna ya omeletseng letsoho le letona.
Ka yona nako eo a fodisa ba bangata malwetseng, le dikotlo, le meya e mebe; mme difofu tse ngata a di nea pono.
Jesu a araba, a re ho bona: Eyang, le bolelle Johanne tseo le di boneng, le tseo le di utlwileng; ka moo difofu di a bona, dihlotsa di a tsamaya, balepera ba hlwekiswa, ba sa utlweng ba utlwa, bafu ba tsoha, mme mafutsana a bolellwa molaetsa o molemo.
Kamora tseo, a ya le metse le metsana yohle, a ntse a bolela, a bolela Evangeli ya mmuso wa Modimo;
Yare ha bongata bo tseba hoo, ba mo latela, mme a ba amohela, a bua le bona tsa mmuso wa Modimo, mme a fodisa ba hlokang ho fodiswa.
Jesu a mo araba, a re: “Ke buile le lefatshe phatlalatsa; Ke ne ke ntse ke ruta ka matlung a thapelo le ka tempeleng kamehla, moo Bajuda ba phuthehelang teng kamehla; mme ha ke a ka ka bua letho sephiring.
Kamora tseo, Jesu a itsamaela Galelea, hobane o ne a sa rate ho tsamaya Judea, hobane Bajuda ba ne ba batla ho mmolaya.
Ka moo Modimo o tlotsitseng Jesu wa Nasaretha ka Moya o Halalelang le ka matla, ya neng a potoloha a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hateletsweng ke Diabolosi; hobane Modimo o ne a ena le yena.
Jwale, bonang, ke a tseba hobane lona bohle bao ke tsamaileng hara lona ke ntse ke bolela tsa mmuso wa Modimo, ha le sa tla hlola le bona sefahleho sa ka.
A bolela tsa mmuso wa Modimo, a ruta tsa Morena Jesu Kreste ka tshepo yohle, ho se ya mo thibelang.
Mme ba tla bolela jwang, ha ba sa rongwe? jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: A matle hakakang maoto a ba bolelang Evangeli ya kgotso, ba tlisang molaetsa o molemo wa tse molemo!