Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 24:14 - Baasraak Sotho NT

14 Mme Evangeli ena ya mmuso e tla bolelwa lefatsheng lohle, e be bopaki ho ditjhaba tsohle; mme e tla ba hona bofelo bo hlahang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Evangeli ena ya mmuso e tla bolelwa lefatsheng lohle, e tle e be bopaki ho ditjhaba tsohle; mme e tla ba hona bofelo bo hlahang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Molaetsa ona o molemo wa Mmuso o tla phatlalatswa lefatsheng lohle, e le bopaki ho ditjhaba tsohle, mme ebe jwale ho tla bofelo.”

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Mme Evangeli ena ya mmuso e tla bolelwa lefatsheng lohle, e be bopaki ho ditjhaba tsohle; mme e tla ba hona bofelo bo hlahang.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 24:14
29 Referencias Cruzadas  

Ha le ntse le tsamaya, le bolele, le re: ’Mmuso wa mahodimo o atametse.


Hape ke re ho lona: Ekare ha ba babedi ba lona ba dumellana lefatsheng ka ntho efe le efe eo ba e kopang, ba tla e etsetsa ke Ntate ya mahodimong.


Eitse ha a dutse thabeng ya Mehlwaare, barutuwa ba hae ba tla ho yena boinotshing, ba re: Re bolelle, tseo di tla etsahala neng? mme pontsho e tla ba efe ya ho tla ha hao, le ya ho fela ha lefatshe?


Le tla utlwa dintwa le menyenyetsi ya dintwa, le hlokomele hore le se tshohe;


Jesu a tsamaya le Galelea yohle, a ntse a ruta masinagogeng a bona, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle hara batho.


Jesu a ya le metse le metsana yohle, a ntse a ruta masinagogeng a bona, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle hara batho.


Mme Evangeli e tshwanetse ho bolelwa pele hara ditjhaba tsohle.


Mehleng eo ha tswa taelo e tswang ho Cesare Augustase, ya hore lefatshe lohle le ngolwe.


le hore pako le tshwarelo ya dibe di bolelwe ka lebitso la hae hara ditjhaba tsohle, ho qala Jerusalema.


Yaba Diabolosi a mo isa thabeng e telele, a mmontsha mebuso yohle ya lefatshe ka motsotso o le mong.


Ho fihlela letsatsi leo a nyolotsweng ka lona, ka Moya o Halalelang a laetse baapostola bao a neng a ba kgethile.


Yaba ho ema e mong wa bona, ya bitswang Agabuse, mme a bolela ka Moya hore tlala e kgolo e tla ba teng lefatsheng lohle, e bileng teng mehleng ya Kesare Klaudio.


Hobane o beile letsatsi leo ka lona a tla ahlola lefatshe ka ho loka, ka monna eo a mmeileng; e leng seo o se tshepisitseng bohle ka ho mo tsosa bafung.


Yare ha ba sa ba fumane, ba hulela Jasone le baena ba bang ho babusi ba motse, ba howa, ba re: “Bana ba ferekantseng lefatshe lohle ba tlile le mona;


Ke kahoo mosebetsi oa rōna o seng o le kotsing ea ho nyelisoa; empa le tempele ya modimo o moholo Diana e tla nyatseha, le kganya ya hae e fediswe, eo Asia yohle le lefatshe lohle le mo kgumamelang.


Jwale, bonang, ke a tseba hobane lona bohle bao ke tsamaileng hara lona ke ntse ke bolela tsa mmuso wa Modimo, ha le sa tla hlola le bona sefahleho sa ka.


Empa ke re: Na ha ba eso ho utlwe? Ee ruri, tumo ya bone e ne ya ya kwa lefatsheng lotlhe, le mafoko a bone kwa bokhutlong jwa lefatshe.


Ekare ha le tiisetsa tumelong, le theilwe, le tiile, mme le sa suthe tshepong ya Evangeli eo le e utlwileng, e leng yona e bolellwang dibopuwa tsohle tse tlasa lehodimo; eo nna Paulosi ke entsweng mosebeletsi wa yona;


tse tlileng ho lona, jwalokaha di ntse di le teng lefatsheng lohle; mme le beha ditholwana, jwalokaha le etsa le ho lona, haesale le utlwahala, la tseba mohau wa Modimo ka nnete;


Hape, ha a tlisa Mora wa letsibolo lefatsheng, o re: Mangeloi wohle a Modimo a mo kgumamele.


Hobane lefatshe le tlang, leo re buang ka lona, ha a a ka a bea taolong ya mangeloi.


Ka bona lengeloi le leng le fofa mahareng a lehodimo, le tshwere Evangeli e sa feleng, ho e bolella ba ahileng lefatsheng, le ditjhaba tsohle, le mefuta yohle, le dipuo tsohle, le merabe yohle.


Ke meya ya batemona e etsang mehlolo, e tswelang ho ya ho marena a lefatshe le a lefatshe lohle, ho a bokellela ntwa ya letsatsi le leholo la Modimo o matla wohle.


Kahobane o bolokile lentswe la mamello ya ka, le nna ke tla o boloka nakong ya moleko, o tlang ho tlela lefatshe lohle, ho leka ba ahileng lefatsheng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos