Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 11:5 - Baasraak Sotho NT

5 Difofu di a bona, dihlotsa di a tsamaya, balepera ba hlwekiswa, ba thibaneng ditsebe ba utlwa, bafu ba a tsoswa, mme mafutsana a bolellwa Evangeli.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Difofu di a bona, dihlotsa li a tsamaya, balepera ba ntlafala, ba thibaneng ditsebe ba utlwa, bafu ba tsoha, mme mafutsana a bolellwa Evangeli.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Difofu di a bona, diritsa di a tsamaya, balepera ba a hlwekiswa, botsebetutu ba a utlwa, bafu ba a tsoha, mme mafutsana a bolellwa molaetsa o molemo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Difofu di a bona, dihlotsa di a tsamaya, balepera ba hlwekiswa, ba thibaneng ditsebe ba utlwa, bafu ba a tsoswa, mme mafutsana a bolellwa Evangeli.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 11:5
41 Referencias Cruzadas  

Folisang ba kulang, le tsose bafu, le ntlafatse balepera, le leleke batemona; le amohetse feela, le fane feela.


Jesu a araba, a re ho bona: Eyang le tsebise Johanne tseo le di utlwang le tseo le di bonang.


A ntoo re ho monna eo: Otlolla letsoho la hao. A le otlolla; mme ya fola jwaloka e nngwe.


Mme difofu le dihlotsa tsa tla ho yena ka tempeleng; mme a ba fodisa.


Ho lehlohonolo ba futsanehileng moyeng, hobane mmuso wa mahodimo ke wa bona.


Mahlo a bona a tutuboloha; mme Jesu a ba laela haholo, a re: Iponeleng, hore ho se ke ha tsejwa ke motho.


Ba hlollwa ka ho fetisisa, ba re: O entse tsohle hantle;


Jesu ha a bona hobane letshwele le matha mmoho, a kgalemela moya o ditshila, a re ho wona: Moya o sa bueng, o sa utlweng, ke a o laela, ke re: Tswa ho yena, mme o se ke wa hlola o kena ho yena.


Moya wa Morena o hodima ka, hobane o ntlotseditse ho bolella mafutsana Evangeli; o nthomile ho fodisa ba robehileng dipelo, ho bolella ba holehilweng tokoloho, le difofu hore di boele di bone, le ho lokolla ba hateletsweng.


Jesu a ba araba, a re: Ke le boleletse, mme ha le a ka la dumela; mesebetsi eo ke e etsang ka lebitso la Ntate, ke yona e mpakang.


Empa ekare ha ke e etsa, leha le sa dumele ho nna, dumelang mesebetsi, le tle le tsebe, mme le dumele hobane Ntate o ka ho nna, le nna ke ka ho yena.


Eitse ha a le Jerusalema moketeng wa Paseka, ba bangata ba dumela lebitsong la hae, ha ba bona mehlolo eo a e etsang.


Yena a tla ho Jesu bosiu, a re ho yena: Rabbi, re a tseba hobane o moruti ya tswang ho Modimo;


Empa nna ke na le bopaki bo fetisang ba Johanne, hobane mesebetsi eo Ntate a nneileng yona hore ke e phethe, yona mesebetsi eo ke e etsang, e a mpakela hore Ntate o nthomile.


A re ho yena: “Eya, o yo itlhatswa letsheng la Siloame,” ke ho re: “Moromuwa.” A ya, a ya itlhatswa, a tla a bona.


Lōna banna ba Iseraele, utloang mantsoe ana; Jesu wa Nasaretha, monna ya hlatsetsweng ke Modimo hara lona ka mehlolo, le meeka, le mehlolo, eo Modimo o e entseng ka yena hara lona, jwalokaha le tseba le lona.


Banabeso ba ratwang, mamelang: Na Modimo ha o a ka wa kgetha mafutsana a lefatshe lena hore e be barui ba tumelo, le majalefa a mmuso oo o o tshepisitseng ba o ratang na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos