Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 9:35 - Baasraak Sotho NT

35 Jesu a ya le metse le metsana yohle, a ntse a ruta masinagogeng a bona, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle hara batho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Jesu a tsamaya, a tjhalakela metse yohle le metsana, a ruta masinagogeng a teng, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

35 Jesu o ne a eya le metse le metsana yohle, a ntse a ruta matlung a bona a thapelo, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mmuso, a fodisa mafu le malwetse wohle.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

35 Jesu a ya le metse le metsana yohle, a ntse a ruta masinagogeng a bona, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle hara batho.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 9:35
12 Referencias Cruzadas  

Eitse hobane a bitse barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a ba nea matla a ho leleka meya e ditshila, le ho fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle.


Eitse hobane Jesu a qete ho laela barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a tloha teng ho ya ruta le ho bolela Evangeli metseng ya bona.


Difofu di a bona, dihlotsa di a tsamaya, balepera ba hlwekiswa, ba thibaneng ditsebe ba utlwa, bafu ba a tsoswa, mme mafutsana a bolellwa Evangeli.


Eitse hobane Johanne a kenngwe teronkong, Jesu a tla Galelea, a ntse a bolela Evangeli ya mmuso wa Modimo;


Hohle moo a neng a kena teng, metsaneng, kapa metseng, leha e le masimong, ba bea ba kulang diterateng, ba mo kopa hore ba ame feela mophetho wa seaparo sa hae; mme bohle ba mo amang ba fola.


Mme a hlollwa ke ho se dumele ha bona. A ya le metse le metsana, a ruta.


Mme a tsamaya le metse le metsana, a ntse a ruta, a lebile Jerusalema.


Ka moo Modimo o tlotsitseng Jesu wa Nasaretha ka Moya o Halalelang le ka matla, ya neng a potoloha a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hateletsweng ke Diabolosi; hobane Modimo o ne a ena le yena.


Lōna banna ba Iseraele, utloang mantsoe ana; Jesu wa Nasaretha, monna ya hlatsetsweng ke Modimo hara lona ka mehlolo, le meeka, le mehlolo, eo Modimo o e entseng ka yena hara lona, jwalokaha le tseba le lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos