Ba nyallane le ditjhaba tseo; kahoo setjhaba sena se halalelang se kopantse madi a sona le madi a baditjhaba. Ba ka sehloohong ketsong ena ya bohlabaphiyo ke baetapele le babusi ba setjhaba.”
Numere 16:3 - BIBELE Ba ikopanya, ba lwantsha Moshe le Arone, ba re ho bona: “Kgale re le mameletse! Setjhaba sena sohle se a halalela, mme Morena o teng hara sona. Ke ka baka lang ha le iphahamisa, le ipea kahodima setjhaba sa Morena?” Sesotho 1909/1961 (SO) Ba bokanela Moshe le Aarone, ba re ho bona: Ho lekane! Phutheho kaofela ke batho ba halalelang, mme Jehova o hara bona; ke ka baka lang ha le iphahamisitse kahodimo ho phutheho ya Jehova na? |
Ba nyallane le ditjhaba tseo; kahoo setjhaba sena se halalelang se kopantse madi a sona le madi a baditjhaba. Ba ka sehloohong ketsong ena ya bohlabaphiyo ke baetapele le babusi ba setjhaba.”
Lona dithaba tse makgeka, keng ha le honohela thaba, thaba eo Modimo a kgahlilweng ke yona, ho e etsa leaho la hae, moo Morena a tla aha teng, a ahe teng ka ho sa feleng?
Le tla ba baprista ba Morena, le be setjhaba se halalelang.’ Ana ke wona mantswe ao o tshwanetseng ho a bua ho bana ba Iseraele.”
Ba tla tsebisa baahi ba naha ena, ba utlwileng hore wena, Morena, o teng kahara setjhaba sena; le hore wena, Morena, se o bona thaka tsa mahlo di tadimane; le hore leru la hao le se okametse, motsheare o se etella pele o le kahara leru le lopaletseng, bosiu o le kahara kganare ya mollo.
Ke ka hona wena le balatedi bohle ba hao le ikopantseng ho lwantsha Morena. Arone ke mang, haeka le a mo korotlela tjee?”
Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa korotlela Moshe le Arone, sa re: “Le bolaile batho ba Morena.”
Hosasane le bee mashala a hlenneng ka dipaneng, le tshele mokubetso hodimo wona, le le kapele ho Morena. Motho eo Morena a tla mo kgetha, ke yena ya halalelang. Ke kgale re le mameletse lona, bara ba Levi!”
“Ho ho phoso eo a e boneng ho Jakobo, ha ho bokgopo boo a bo boneng ho Iseraele. Morena Modimo wa hae, o na le yena, ba a mo thoholetsa, ba re ke kgosi ya bona.
Le se ke la silafatsa naha eo le ahileng ho yona, eo le nna ke ahileng ho yona, hobane nna, Morena, ke phela hara bana ba Iseraele.’ ”
O leleke banna le basadi; o ba lelekele kathoko ho diahelo, ba tle ba se ke ba silafatsa diahelo tsa bona, tseo ke phelang hara tsona.”
“Empa bo-ntata rona ba ile ba hana ho mo mamela, ba mo sutumeletsa thoko, dipelo tsa bona tsa kgutlela Egepeta,
“Lona ba manganga, ba pelo di thata, le tsebe tse sa mameleng jwaloka tsa bahedene, kamehla le lona le hlola le hanyetsa Moya o Halalelang, jwaloka bo-ntata lona!