Ha ba ntse ba bolaya batho jwalo, ke ne ke setse ke le inotshi. Yaba ke itihela fatshe ka sefahleho, ke howa haholo, ke re: “Oho, Morena Modimo! Na o tla timetsa masalla wohle a Iseraele ha o hlatsetsa kgalefo ya hao hodima Jerusalema?”
Yaba Moshe le Arone ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: “Oho, Modimo, Modimo wa meya ya batho bohle, na o ka halefela setjhaba see sohle ka baka la sebe sa motho a le mong?”
a bua le Kora le balatedi ba hae, a re: “Hosasane Morena o tla bontsha eo e leng wa hae, le hore na ya halalelang ke mang, mme a mo atametse pela hae. Eo a tla mo kgetha, o tla mo atametsa pela hae.
Joshua le baholo ba Iseraele ba hahola diaparo tsa bona, ba itihela fatshe ka difahleho, kapele ho areka ya Morena, ho fihlela ka phirimana. Ba itshela ka lerole dihloohong.