Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 5:3 - BIBELE

3 O leleke banna le basadi; o ba lelekele kathoko ho diahelo, ba tle ba se ke ba silafatsa diahelo tsa bona, tseo ke phelang hara tsona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 kapa e le monna, kapa e le mosadi le tla mo ntsha, le tla mo ntshetsa kantle ho diahelo, hore a se ke a silafatsa diahelo tsa bona, tseo ke ahileng hara tsona.

Ver Capítulo Copiar




Numere 5:3
23 Referencias Cruzadas  

E ne e ruletswe ka mapolanka a kedare, a le hodima maballo a tsheheditsweng ke ditshiya. Maballo ana a ne a le mashome a mane a metso e mehlano, mola ka mong o ena le maballo a leshome le metso e mehlano.


Kariki tsa Modimo tsa ntwa ke kete tsa dikete, ka tsona Morena o tlile Sehalalelong, o tlile Sehalalelong sa hae a etswa Sinai.


“Jwale ba nketsetse Sehalalelo, ke tle ke ahe hara bona.


Ke tla aha hara bana ba Iseraele, ke be Modimo wa bona.


Howeletsang haholo, le didietse ka thabo, le bine lona baahi ba Sione. Ya Halalelang wa Iseraele o moholo hara lona.”


“Motho enwa ya tlilo hlwekiswa o tla hlatswa diaparo tsa hae, a beole moriri wa hae kaofela, a tolle ka metsing, jwale e tla ba o hlwekile. Kamorao ho mona a ka kena ka diahelong, empa o tla dula kantle ho tente ya hae ka matsatsi a supileng.


“ ‘Hlokomedisa bana ba Iseraele sesila sa bona, esere ka ho silafatsa Tente ya ka, e teng hara bona, sesila sena sa bona sa ba bolaya.’ ”


Ba ikopanya, ba lwantsha Moshe le Arone, ba re ho bona: “Kgale re le mameletse! Setjhaba sena sohle se a halalela, mme Morena o teng hara sona. Ke ka baka lang ha le iphahamisa, le ipea kahodima setjhaba sa Morena?”


Tsohle tseo motho enwa ya sesila a di amang, di tla ba sesila; le ya di amang o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana.”


Le se ke la silafatsa naha eo le ahileng ho yona, eo le nna ke ahileng ho yona, hobane nna, Morena, ke phela hara bana ba Iseraele.’ ”


Bana ba Iseraele ba etsa jwalo, ba ba lelekela kathoko ho diahelo jwalokaha Morena a ne a buile ho Moshe.


Morena Modimo wa hao, o tsamaya le wena hara diahelo ho o sireletsa, le ho neelana ka dira tsa hao matsohong a hao. Diahelo tsa hao eka kgona di halalele, esere Morena a bona ho hong hara lona ho silafetseng, mme a le furalla.”


“Lekgoba le tshabetseng ho wena o se ke wa le kgutlisetsa ho monga lona eo le balehileng ho yena.


Bana beso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste re le laela hore le kgaohane le bana babo lona bohle ba phelang e le dikgoba, e seng ka meetlo eo re le neeleditseng yona.


Ya bakang dikarohano o mo kgalemele hanngwe kapa habedi, ebe o kgaohana le yena.


Ha ho letho le ilehang le tla kena ho wona, leha e le mang kapa mang ya etsang tse manyala, le tseo e seng tsa nnete, empa ho wona ho tla kena feela bao mabitso a bona a ngotsweng bukeng ya bophelo ea Konyana.


Ka utlwa lentswe le phahameng, le tswang teroneng, le re: “Bona, leaho la Modimo ke leo hara batho. O tla aha le bona; bona e tla ba setjhaba sa hae, mme Modimo ka sebele a be le bona, e le Modimo wa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos