Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 5:2 - BIBELE

2 “Laela bana ba Iseraele hore ba leleke balepera bohle kahara diahelo, le bohle ba nang le seso se qhitsang lero, le bohle ba silafaditsweng ke ho ama setopo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Laela bana ba Iseraele hore ba ntshe diahelong molepera e mong le e mong, le motho e mong le e mong ya nang le ho dutla, leha e le motho e mong le e mong ya silafaditsweng ke setopo;

Ver Capítulo Copiar




Numere 5:2
15 Referencias Cruzadas  

Ho ne ho ena le banna ba bane, ba tshwerweng ke lepera, ba dutse kgorong ya motse. Banna bao ba buisana, ba re: “Na re tla dula moo ho fihlela re eshwa?


“Motho ya nang le lepera o tshwanetse ho apara diaparo tse maharaswa, moriri wa hae o hlanthollehe, a kwahele molomo o kahodimo, mme a howe, a re: ‘Ke na le sesila! Ke na le sesila!’


Ha a ntse a tshwerwe ke lefu lena, o tla ba le sesila, hobane ruri o sesila. O tla dula a le mong kantle ho diahelo.”


Moprista o tla boela a mo hlahloba, mme haeba lekgopho lena le bonahala le ntse le anela mmele, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila, hona ke lefu la lepera.


“Motho enwa ya tlilo hlwekiswa o tla hlatswa diaparo tsa hae, a beole moriri wa hae kaofela, a tolle ka metsing, jwale e tla ba o hlwekile. Kamorao ho mona a ka kena ka diahelong, empa o tla dula kantle ho tente ya hae ka matsatsi a supileng.


Morena a re ho Moshe: “Bua le baprista, e leng bara ba Arone, o re ho bona: ‘Moprista a se ke a itshilafatsa ka mofu wa setjhaba sa habo,


Motho ofe kapa ofe ya sa tlo itima dijo ka letsatsi lena, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.


Leru la phahama hodima Tente ya Morena, Meriama a sala a se a tletse lepera, a le mosweu jwaloka lehlwa. Ha Arone a retelehela ka ho Meriama, a bona a se a tletse lepera.


Yaba Morena o re ho Moshe: “Haeba ntatae a ne a ka mo tshwela ka mathe sefahlehong, na o ne a ke ke a ba dihlong ka matsatsi a supileng? Mo kwalle kathoko ho diahelo ka matsatsi a supileng, mme kamora moo le mo tlise diahelong hape.”


“Mang kapa mang ya bolaileng motho, le mang kapa mang ya amileng setopo, o tla dula kantle ho diahelo ka matsatsi a supileng. Ka letsatsi la boraro, le ka letsatsi la bosupa, lona, le bathopuwa ba lona, le tla itlhwekisa.


Morena a bua ho Moshe, a re:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos