Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 19:6 - BIBELE

6 Le tla ba baprista ba Morena, le be setjhaba se halalelang.’ Ana ke wona mantswe ao o tshwanetseng ho a bua ho bana ba Iseraele.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Le tla ba ho nna mmuso wa baprista, le setjhaba se kgethehileng. Ke wona mantswe ao o tlang ho a bolela ho bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 19:6
37 Referencias Cruzadas  

Mohlanka wa hao o busa setjhaba sa hao, seo o ikgethetseng sona, se sengata hoo se ke keng sa balwa.


Oho, Morena Modimo, o ne o kgethe setjhaba sena hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe, hore e be lefa la hao, jwalokaha o ne o bue ka Moshe, mohlanka wa hao, ha o ne o ntsha bo-ntata rona Egepeta.”


Setjhaba sa hao sa Iseraele o se entse setjhaba sa hao kamehla yohle, mme wena, Morena, o Modimo wa sona.


Juda ya eba sehalalelo sa Morena, Iseraele ya eba mmuso wa hae.


mme a re: “Haeba le hlile le mamela lentswe la Morena Modimo wa lona, mme le etsa ho lokileng mahlong a hae; le sekehela ditaelo tsa hae tsebe, le boloka melao yohle ya hae, nke ke ka le otla ka mafu wohle ao ke ileng ka otla Baegepeta ka wona, hobane ke nna Morena, Mofodisi wa hao.”


“Le tla ba batho ba halalelang ho nna. Le se ke la ja nama ya phoofolo eo le fumanang e harotswe naheng, le mpe le e akgelle dintja.”


“O tla etsa moqhaka ka kgauta e hlwekileng, mme hodima yona o ngole jwalokaha ho ngolwa setempe sa bopaki, o re: Mohalaledi wa Morena.


Kaha o bile ntho ya bohlokwa, o hlompheha mahlong a ka, hobane ke o rata, ke tla fana ka batho bakeng sa hao, ke fane ka ditjhaba bakeng sa bophelo ba hao.


Lona le tla bitswa baprista ba Morena, le bitswe basebeletsi ba Modimo wa rona. Maruo a baditjhaba a tla jewa ke lona, le ithorise ka tlotla ya bona.


Ba tla bitswa tjhaba se halalelang, ba bitswe balopollwa ba Morena; wena o tla bitswa Mpatlwane, o bitswe motse o sa furallwang.


Ba bang ba bona ke tla ba etsa baprista, ke ba etse Balevi,” ho rialo Morena.


Jwalokaha senyepa se tlamellwa thekeng la motho, ke ile ka tlamella ntlo ya Iseraele le ntlo ya Juda ho nna,” ho rialo Morena, “hore e be setjhaba sa ka se tla ntumisa, se nthorise, se ntlotle. Empa ha se a ka sa mamela.”


Ho Morena, Iseraele e ne halalela, e le dilopotsiya tsa kotulo ya hae; bohle ba di jang ba ne ba le molato, bobe bo ba wela hodimo,’ ” ho rialo Morena.


Empa ke ne ke ba nee molao ona, ka re: Ntlhompheng, ke tla ba Modimo wa lona, mme lona le be setjhaba sa ka. Tsamayang ka ditsela tseo ke le laetseng ho tsamaya ka tsona, le tle le phele hamonate.


“Bua le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, o re ho sona: ‘Le halalele, hobane nna, Morena Modimo wa lona, ke a halalela.


Ke itse ho lona: Naha ya sona e tla ba lefa la lona; ke tla le nea yona e be leruo la lona. Ke naha e phallang lebese le mahe a dinotshi. Ke nna Morena Modimo wa lona, ya le kgaohantseng le baditjhaba bao.


“ ‘Le tla halalela le be batho ba ka, hobane nna, Morena, ke a halalela. Ke le kgaohantse le baditjhaba, hore le tle le be ba ka.


Empa a se ke a atamela lesira, leha e le ho atamela aletare, hobane o na le sepha, esere a silafatsa dintho tsa ka tse halalelang, hobane ke nna Morena ya di halaletsang.’ ”


“Hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe, ke lona feela ke ileng ka le kgetha; ka baka leo, ke tla le otla, ke le otlele makgopo a lona, makgopo a lona kaofela.”


‘Jwalokaha ke ne ke le tshepise mohla le tswang Egepeta, ke ntse ke ena le lona ka moya, le se tshabe letho.’


Ba ikopanya, ba lwantsha Moshe le Arone, ba re ho bona: “Kgale re le mameletse! Setjhaba sena sohle se a halalela, mme Morena o teng hara sona. Ke ka baka lang ha le iphahamisa, le ipea kahodima setjhaba sa Morena?”


Bana beso, ka baka la mohau wa Modimo, ke a le rapela hore le ineele Modimo, le le sehlabelo se phelang, se halalelang, se mo kgahlisang, e leng tshebeletso ya lona e tshwanelehang.


Ha motho a heletsa tempele ya Modimo, Modimo o tla mo timetsa, hobane tempele ya Modimo e a halalela, mme tempele eo ke lona.


“Le se ke la ja nama ya ntho efe le efe e itjhweletseng feela. Le ka e fa bajaki ba metseng ya lona, la e rekisetsa moditjhaba, hobane lona le setjhaba se halalelang ho Morena Modimo wa lona. “Le se ke la pheha potsanyane ka lebese la mma yona.”


Ka thoriso, le ka botumo, le ka hlompho, o tla le phahamisetsa kahodimo ho ditjhaba tsohle tseo a di bopileng, e le hore le tle le be setjhaba se halalelang sa Morena Modimo wa hao, jwalokaha a tshepisitse.”


“Morena o tla o etsa setjhaba se halalelang sa hae, jwalokaha a o hlapanyeditse, haeba o boloka melao ya Morena Modimo wa hao, mme o tsamaya ditseleng tsa hae.


“Lona le setjhaba se halalelang ho Morena Modimo wa lona. Morena Modimo wa lona, o le kgethile hore le be setjhaba seo e leng sa hae hara ditjhaba tsohle tse teng lefatsheng.


Ka Morena, ke ipiletsa ho lona, ke re: Lengolo lena le ballwe bana babo rona bohle.


Tloong le le majwe a phelang, a sebediswang ho haha tempele ya moya. Le be baprista ba halalelang, ba nyehellang Modimo ka mahlabelo a moya, a amohelehang ho yena ka Jesu Kreste;


Empa lona le moloko o kgethehileng, le baprista ba Morena, le mofuta o halalelang, le setjhaba seo a se ruileng. Le kgethetswe ho bolela dintle tsa ya le ntshitseng lefifing, a le bitsetsa leseding la hae le hlollang.


ya re entseng mmuso le baprista ba sebeletsang Modimo Ntatae, e be tlotla le matla, kamehla le mehla. A ho be jwalo!


Ho lehlohonolo, mme ho halalela ba nang le kabelo tsohong ya pele ya bafu. Lefu la bobedi ha le sa na matla hodima bona, empa e tla ba baprista ba Modimo le ba Kreste, mme ba tla busa le yena ka dilemo tse sekete.


O ba entse mmuso le baprista ba tla sebeletsa Modimo wa rona, mme ba buse lefatshe.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos