Numere 16:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)3 Ba bokanela Moshe le Aarone, ba re ho bona: Ho lekane! Phutheho kaofela ke batho ba halalelang, mme Jehova o hara bona; ke ka baka lang ha le iphahamisitse kahodimo ho phutheho ya Jehova na? Ver CapítuloBIBELE3 Ba ikopanya, ba lwantsha Moshe le Arone, ba re ho bona: “Kgale re le mameletse! Setjhaba sena sohle se a halalela, mme Morena o teng hara sona. Ke ka baka lang ha le iphahamisa, le ipea kahodima setjhaba sa Morena?” Ver Capítulo |
mme ba tla di bolella baahi ba lefatshe leo. Ba se ba utlwile hoba ke wena, Jehova, o leng hara setjhaba sena; le hoba, wena Jehova, o iponahatsa sona, mahlo a tadimane; le hoba leru la hao le ba okametse; le hoba ke wena ya ba etellang pele, motshehare topallong ya leru, le bosiu topallong ya mollo.