Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 16:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 ba tsohela Moshe matla, ba ena le banna ba makgolo a mabedi a mashome a mahlano ba bana ba Iseraele, dihlooho tsa phutheho, batho ba baholo ba lekgotla, banna ba mabitso.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 banna bana ba tsohela Moshe matla, ba ena le banna ba bang ba bana ba Iseraele, ba makgolo a mabedi le mashome a mahlano, bao e leng mahosana a setjhaba, ba tumileng, ba kgethilweng setjhabeng.

Ver Capítulo Copiar




Numere 16:2
10 Referencias Cruzadas  

Ho ne ho le difontwane tsa batho lefatsheng mehleng eo, hobane bara ba Modimo ba tle ho baradi ba batho, mme ba ba tswalle bana; ke tsona dinatla tsa boholoholo, tse mabitso a tumileng.


Bana ba Efraime ba tla ba le dikete tse mashome a mabedi tse nang le makgolo a robileng meno e le mmedi, e le bahale, banna ba tumileng matlung a bontata bona.


Dihlooho tsa matlo a bontata bona ke Efere, le Jishei, le Eliele, le Asriele, le Jeremia, le Hodavia, le Jahdiele, e neng e le bahale, banna ba tumileng, dihlooho tsa matlo a bontata bona.


Lebitso la hao la nna la tuma hara ditjhaba ka baka la botle ba hao, hobane bo ne bo phethehile ka bokgabane ba ka boo ke neng ke o apesitse ka jona: ho rialo Morena Jehova.


Ba apola bofeela ba hae, ba nka bara le baradi ba hae, le yena ba mmolaya ka lerumo. A ba a nka botumo hara basadi, mohla ba phethang dikahlolo hodima hae.


Ke bona bao ba kileng ba memuwa phutheho; ke marena a meloko ya bontata bona; ke tsona dihlooho tsa dikete tsa Iseraele.


Miriame le Aarone ba seba Moshe, bakeng sa mosadi wa Kushe, eo a neng a mo myetse; hobane o ne a nyetse mosadi wa Kushe; ba re:


Ha tswa mollo ho Jehova, wa timeletsa banna bao ba makgolo a mabedi a mashome a mahlano ba neng ba hlahisa dibano.


Bara ba Eliabe ke boNemuele, Dathane le Abirame. Ke Dathane eo le Abirame eo, banna ba neng ba memelwa phutheho, ba kileng ba lwantsha Moshe le Aarone sehlopheng sa Kore, mohla ba ikgantshetsang Jehova.


Ntata rona o shwetse feelleng; o ne a se sehlopheng sa ba lwantshitseng Jehova, e leng sehlopha sa Kore; empa o shwele bakeng sa sebe sa hae, mme o ne a se na mora.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos